Bohle re ka Kenya Letsoho ho Etseng Barutuoa ba Bacha
1 Morutuoa e mocha ha a be teng ka boiteko ba motho a le mong feela. Jehova a ka sebelisa “basebetsi-’moho” le eena kaofela hore ba thuse liithuti tsa Bibele ho hōla moeeng. (1 Bakor. 3:6-9) Rōna ka bomong re thusa ba sa tsoa thahasella eseng feela ka litlhaloso tsa rōna tse tsoang botebong ba pelo ha re le libokeng tsa Bokreste empa le ka boitšoaro ba rōna bo botle, bo bontšang ka ho hlaka hore moea oa Molimo oa sebetsa bophelong ba rōna. (Joh. 13:35; Bagal. 5:22, 23; Baef. 4:22, 23) Ho ka etsoa’ng hape ho thusa ba sa tsoa thahasella?
2 Re le Phutheho: Kaofela ha rōna re ka bontša hore re thahasella ba qalang ho tla libokeng ka ho ithaopela ho ba lumelisa ka mofuthu le ho buisana le bona pele le ka mor’a liboka. Monna e mong ha a bua ka lekhetlo la pele leo ka lona a bileng teng phuthehong o itse: “Ke kopane le batho ba nang le lerato le leholoanyane la ’nete, bao ho hang ke qalang ho ba bona, ka letsatsi le le leng ho feta bao ke ’nileng ka kopana le bona kerekeng eo ke hōliselitsoeng ho eona. Ho ne ho totobetse hore ke fumane ’nete.” O ile a kolobetsoa likhoeli tse supileng ka mor’a hore a be teng sebokeng ka lekhetlo la pele.
3 Babatsa seithuti sa Bibele ka tieo ha se ntse se hatela pele moeeng. Na se ’nile sa mamella khanyetso? Na se kopanela libokeng kamehla? Na se kile sa iteta sefuba hore se arabe? Na se ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo kapa se qalisitse ho kopanela tšimong? Se babatse ka khatelo-pele eo se e entseng. Ka ho etsa joalo u tla se khatholla le ho se matlafatsa.—Liprov. 25:11.
4 U le Mokhanni oa Thuto ea Bibele: Bahoeletsi ba bang ba ’nile ba khona ho thusa liithuti tsa bona tsa Bibele hore li tloaelane le litho tsa phutheho ka ho kōpa bahoeletsi ba bang hore ba tsamaee le bona ha ba il’o khanna thuto. Memela seithuti libokeng tsa phutheho kapele kamoo ho ka khonehang. Ha se qala ho kopanela libokeng, etsa bonnete ba hore u se tsebisa ba bang. Na se thatafalloa ho tlohela mokhoa o itseng o mobe, o kang ho tsuba? Na lapeng ho na le ea se hanyetsang ha se ithuta? Se ka ’na sa rua molemo ka ho buisana le mohoeletsi e mong ea kileng a talimana le bothata boo ’me a bo hlōla.—1 Pet. 5:9.
5 Ba sa tsoa thahasella ba hloka hore phutheho e ba tšehetse moeeng. Bohle ba ka ba thusa ho hatela pele ka ho bontša hore ba ba thahasella e le kannete.