U Tla Etsa’ng ka Bophelo ba Hao?
1 Ka linako tse ling bana ba botsoa potso ena, “U batla ho ba eng ha u hōla?” Ha u sa le moshanyana, na u ne u tla re u batla ho ba tichere? mak’henike? molebeli oa potoloho? Kapa ha u sa le ngoanana, na u ne u tla re u batla ho ba tichere? mooki? moromuoa? Kaha u se u hōlile, u lokela ho ipotsa potso ena, ‘Ke tla etsa’ng ka bophelo ba ka?’ Na u se u loketse ho etsa qeto?
2 Ho u thusa ho etsa qeto e molemo ka ho fetisisa, mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o entse DVD ea Young People Ask—What Will I Do With My Life? Ka kōpo e shebelle, ’me u nahane ka ho teba ka likarolo tsohle tsa eona, ho akarelletsa le tšoantšiso, lipuisano le sehlomathiso. Likarolo tsa eona li bontšitsoe lebokoseng la “Main Menu.”
3 Tšoantšiso: Ha u ntse u shebeletse tšoantšiso, nahana ka lipotso tsena: (1) Timothea, eo ho buuoang ka eena Mangolong a Segerike a Bakreste, o tšoana le Andre ka litsela life? (Lik. 16:1; 1 Tim. 4:8; 2 Tim. 1:5) (2) Andre o ile a susumetsoa joang hore a ipabole mabelong, hona a susumetsoa ke mang? (3) Ke bo-mang ba ileng ba susumelletsa Timothea le Andre hore ba etse se nepahetseng, hona e le ka litsela life? (2 Tim. 1:1-4; 3:14, 15) (4) Keletso e ho Matheu 6:24 le Bafilipi 3:8 e ile ea ama Andre joang, hona e u ama joang?
4 Likhaolo Tse Khethiloeng: Ka mor’a ho shebella tšoantšiso ena kaofela, pheta likhaolo tse latelang, ebe u araba lipotso tsena. “Pauluse le Timothea” (“Paul and Timothy”): Pauluse o ile a fa Timothea keletso efe ea ho qetela? (2 Tim. 4:5) “Ho fa Jehova se Molemohali” (“Giving Jehovah Your Best”): U ipehetse lipakane life tsa moea? “Ho Emela Jehova” (“Taking a Stand for Jehovah”): Thabo ea ’nete e fumaneha hokae? “Keletso ea Nkhono” (“Grandmother’s Advice”): Ke’ng se phoso ka ho batla ho ba khalala lefatšeng la Satane? (Mat. 4:9) “Ho se Ikoahlaee” (“No Regrets”): Ke eng e ka u khotsofatsang bophelong?—Liprov. 10:22.
5 Lipuisano: Ha u ntse u shebeletse karolo ka ’ngoe ho tsena tse latelang, u bona eka u ka etsa eng e le hore u sebeletse Jehova hamolemohali? (1) “Ho Ikitlaelletsa Lipakane Tsa Lefeela Kapa ho Inehela ho Molimo?” (“Dedication to Vain Pursuits or to God?”) (1 Joh. 2:17); (2) “Ho Ithuta ho Thabela Tšebeletso ea Hao” (“Learning to Enjoy Your Ministry”) (Pes. 27:14); le (3) “Monyako o Butsoeng o Isang Tšebeletsong” (“An Open Door to Service”).—Mat. 6:33.
6 Ha U Hetla Morao: Na u ka araba? (1) Mora le morali oabo rōna ba ne ba phehella mesebetsi efe, hona e le ka sepheo sefe? (2) Ba ne ba atlehile hakae? (3) Bophelo ba bona bo ile ba fetoha neng? (2 Bakor. 5:15) (4) Mesebetsi ea bona ea pele e ile ea nkeloa sebaka ke mesebetsi efe ea puso ea Molimo, hona ke hobane’ng ha ba ile ba e-ba le boikutlo ba hore ba ke ke ba e phehella ka bobeli? (5) Na ba ikoahlaela hore ebe ba fetotse lipakane tsa bona bophelong? (6) Ke’ng haholo-holo eo ba ileng ba e bua e entseng hore u nahane ka seo u lokelang ho se etsa ka bophelo ba hao?
7 Lipuisano Tse Eketsehileng: U ithutile eng lipuisanong tsee eo u ka e etsang e le hore u ikitlaetse haholoanyane tšebeletsong ea Jehova? (1) “Bohlokoa ba Thuto ea Botho” (“The Value of Personal Study”), (2) “Bopaki ba Mofuta o Mong” (“Alternative Witnessing”), (3) “Tšebeletso ea Bethele” (“Bethel Service”), (4) “Koetliso ea Sekolo sa Baromuoa sa Gileade” (“Gilead Missionary Training”), le (5) “Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi” (“Ministerial Training School”).—Hlahloba “Index to Published Information on Related Subjects” (Index ea Likhatiso Tse Buang ka Boitsebiso Boo), ’me u bale ka ho eketsehileng ka seo u se thahasellang ka ho fetisisa.
8 Ka hona, na u se u entse qeto ea hore u tla etsa eng ka bophelo ba hao? Pauluse o ile a phehella Timothea a re: “Nahanisisa ka lintho tsena; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.” (1 Tim. 4:15) Re u khothalletsa hore u etse se tšoanang ka seo u se boneng le ho se utloa ha u shebeletse DVD ena. Kōpa Jehova hore a u thuse ho khetha ka bohlale ’me u fumane thabo le khotsofalo ea sebele bophelong hona joale le bokamoso bo molemo le bo thabisang.
[Lebokose le leqepheng la 4]
MAIN MENU
Play Drama (Bapala Tšoantšiso)
Scenes (Likhaolo) (Likarolo tse 11 tse khethiloeng)
Interviews (Lipuisano)
Play All (Li Bapale Kaofela)
Sections (Likarolo) (Likarolo Tse Tharo)
Looking Back (Ha U Hetla Morao)
Supplementary Material (Sehlomathiso)
Supplementary Interviews (Lipuisano Tse Eketsehileng)
Index to Published Information on Related Subjects (Index ea Likhatiso Tse Buang ka Boitsebiso Boo)
Subtitles (Mantsoe a Fetoletsoeng)
Hearing Impaired (Ba Nang le Bokooa ba Kutlo)
None (Ha ke a Hloke)
Hore u bapale karolo ka ’ngoe ea menu, tobetsa konopo ea Next ▶, ◀Back, le Main Menu.