Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 8/07 leq. 1
  • Re Ananela Litokelo Tsa Rōna!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re Ananela Litokelo Tsa Rōna!
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Labalabela ho Sebeletsa Haholoanyane?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ananela Tlotla ea ho Sebetsa Hammoho le Jehova!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Na U Kile Ua Sebeletsa? Na U ka Sebeletsa Hape?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
    Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
km 8/07 leq. 1

Re Ananela Litokelo Tsa Rōna!

1 Ho tloha qalong ea moloko oa batho, Jehova o ’nile a fa bahlanka ba hae litokelo tse fapa-fapaneng. O ba file tsona a sa natse bong ba bona, lilemo tsa bona, kapa boemo ba bona bophelong. (Luka 1:41, 42; Lik. 7:46; Bafil. 1:29) O re fa litokelo life kajeno?

2 Tse Ling Tsa Litokelo Tseo re li Filoeng: Re filoe tlotla ea ho rutoa ke Jehova. (Mat. 13:11, 15) Tokelo e ’ngoe eo re e filoeng ke ea ho rorisa Jehova ka ho araba libokeng tsa phutheho. (Pes. 35:18) Ha re fuoa monyetla oa ho araba, re araba ka cheseho. Ka tsela e tšoanang, haeba re nka kabelo e ’ngoe le e ’ngoe ka phuthehong e le tlotla, re tla etsa sohle seo re ka se khonang hore re e phethe. Na kamehla re kopanela tokelong ea ho boloka Holo ea ’Muso e hloekile e bile e le boemong bo botle?

3 Le hoja batho ba bangata ba ipotsa hore na ebe Molimo o utloa lithapelo tsa bona, rōna re na le tokelo e khethehileng ea hore lithapelo tsa rōna li utluoe ke Motho ea phahameng ka ho fetisisa bokahohleng. (Liprov. 15:29) Jehova o mamela lithapelo tsa bahlanka ba hae ka boeena. (1 Pet. 3:12) Ha aa re behela moeli oa hore na re mo rapele hakae. Re ananela hakaakang mpho eo re nang le eona ea ho rapela “ka nako e ’ngoe le e ’ngoe”!—Baef. 6:18.

4 Re “Basebetsi-’moho le Molimo”: Tokelo e ’ngoe ea bohlokoahali eo re nang le eona ke ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo re le “basebetsi-’moho le Molimo.” (1 Bakor. 3:9) Ke mosebetsi o khotsofatsang le o khathollang. (Joh. 4:34) Jehova ha aa tlangoa ke letho hore a sebelise batho hore a finyelle mosebetsi ona, empa o re file oona hobane a re rata. (Luka 19:39, 40) Ha Jehova a fana ka tokelo ena, ha aa e fa mang le mang. Ba kopanelang tšebeletsong ena ea phatlalatsa ba lokela ho ba le litšoaneleho tse itseng tsa moea le ho lula ba e-na le tsona. (Esa. 52:11) Na re bontša hore re ananela tokelo ee ka ho etsa hore tšebeletso e be karolo ea bohlokoa ea kemiso ea rōna ea beke le beke?

5 Litokelo tse tsoang ho Jehova lia re khotsofatsa. (Liprov. 10:22) Le ka mohla u se ke ua li nka habobebe! Ha re bontša hore ka sebele re ananela litokelo tsa tšebeletso tseo re li filoeng, re thabisa Ntat’a rōna oa leholimo, Mofani oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.”—Jak. 1:17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela