Phutuho e Khōlō ka ho Fetisisa ea ho Bolela e Kileng ea Etsoa Lefatšeng!
Ka lilemo tse fetang 100, Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa hlophisoa hore li phatlalatse litaba tse molemo. (1 Bakor. 9:23) Phutuhong ena e khōlō ka ho fetisisa ea ho bolela e kileng ea etsoa lefatšeng, re bolela molaetsa ona ka lipuo tse makholo. Re o bolela linaheng tse fetang 230. (Mat. 24:14) Empa ke hobane’ng ha mosebetsi oo o hlokahala? O etsoa joang lefatšeng ka bophara?
Video eo sehlooho sa eona se reng Jehovah’s Witnesses—Organized to Share the Good News e araba lipotso tseo ka ho bontša ka botlalo likarolo tse ngata tsa mosebetsi oa rōna oa machaba. Ha u ntse u e shebelletse, nahana ka lipotso tsena: (1) Mosebetsi oa rōna o hlophisoa joang ebile o tsamaisoa joang? (2) Lefapha la Bongoli, la Litšebeletso Tsa Phetolelo, la Litšoantšo le la Litšebeletso Tsa ho Rekota le la Livideo a phetha karolo efe ho phatlalatseng litaba tse molemo? (3) Morero oa mosebetsi o moholo haholo oa rōna oa ho hatisa le oa ho romela thepa ka ntle ke ofe? (Joh. 17:3) (4) Ke lingoliloeng tse kae tse hatisoang ka selemo? (5) Lingoliloeng tsa rōna tse thehiloeng Bibeleng li phethile karolo efe? (Baheb. 4:12) (6) Ke sefe se etsoang hore batho ba nang le bokooa ba pono le ba kutlo ba rutoe Bibele? (7) Mosebetsi oa rōna o etsoa ka chelete e tsoang hokae? (8) Mosebetsi oa Lefapha la Boitsebiso ba Litšebeletso Tsa Lipetlele, la Tšebeletso le la Kopano, o re tsoela molemo joang? (9) U le e mong oa Lipaki Tsa Jehova, video ee e u thusitse joang hore u utloisise le ho ananela (a) boiteko boo mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bo etsang ho bolela litaba tse molemo? (b) malapa a Bethele a fetang 100 lefatšeng ka bophara? (c) thupelo e fuoang balebeli le baromuoa? (d) bohlokoa ba hore motho a qalise letsatsi ka leng ka ho bala temana ea Bibele le hore beke le beke a lokisetse liboka tsa phutheho? (e) melemo ea ho ba teng libokeng tsa rōna tsa Bokreste? (f) ho tla ba le maemo afe lefatšeng la Paradeise? (Esa. 11:9) (g) ho kopanela mosebetsing oa kotulo o ntseng o tsoela pele?—Joh. 4:35.
Beng ka uena, metsoalle, batho bao u khutlelang ho bona le liithuti tsa Bibele ba ile ba ba le maikutlo afe a matle ha u ba bontša video ee? Re u khothalletsa hore haufinyane u e bontše motho e mong u be u mo bolelle litaba tse molemo.—Mat. 28:19, 20.