Ho na le Seo re ka se Fang Jehova
1 Na u ne u tseba hore ho na le seo batho ba ka se fang Molimo? Abele o ile a etsetsa Jehova mahlabelo a liphoofolo tsa hae tse ntle, ’me Noe le Jobo ba ile ba etsa mahlabelo a tšoanang. (Gen. 4:4; 8:20; Jobo 1:5) Ha e le hantle, mahlabelo a joalo ha aa ka a ruisa ’Mōpi ka tsela efe kapa efe, kaha o se a ntse a e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa mahlabelo ana a ne a bontša lerato le matla leo banna bana ba tšepahalang ba neng ba rata Molimo ka lona. Kajeno, re ka sebelisa nako ea rōna, matla le matlotlo bakeng sa ho fa Jehova “sehlabelo sa thoriso.”—Baheb. 13:15.
2 Nako: Ho babatseha hakaakang ha motho a ‘reka’ nako linthong tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo e le hore a qete nako e eketsehileng tšimong! (Baef. 5:15, 16) Mohlomong re ka fetola kemiso ea rōna e le hore re be bo-pula-maliboho ba thusang khoeling e le ’ngoe kapa tse ’maloa ka selemo. Mohlomong re ka eketsa nako eo re atisang ho e qeta tšimong. Ho eketsa nako eo re e qetang tšimong beke ka ’ngoe ka metsotso e 30 ho ka etsa hore nako eo re e qetang tšimong ka khoeli e eketsehe ka lihora tse peli!
3 Matla: E le hore re ka ba le matla a ho sebetsa tšimo re lokela ho qoba boikhathollo le mosebetsi oa boipheliso tse re qetang matla hoo re sitoang ho sebeletsa Jehova ka matla ’ohle a rōna. Hape ho hlokahala hore re se ke ra tšoenyeha haholo ka mathata a ka etsang hore lipelo tsa rōna li “thulame,” ebe re felloa ke matla hoo re sitoang ho sebeletsa Molimo. (Liprov. 12:25) Esita le haeba re e-na le lebaka le utloahalang la ho tšoenyeha, ho molemo haholo hore re ‘lahlele moroalo oa rōna ho Jehova’!—Pes. 55:22; Bafil. 4:6, 7.
4 Matlotlo: Re ka boela ra fana ka matlotlo a rōna bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa boboleli. Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore kamehla ba “behelle ka thōko ho hong” e le hore ba tsebe ho ba le seo ba ka se fang ba hlokang. (1 Bakor. 16:1, 2) Ka ho tšoanang, re ka ’na ra khona ho behella chelete e itseng ka thōko bakeng sa litlhoko tsa phutheho ea habo rōna esita le bakeng sa mosebetsi oa lefatše lohle. Jehova o ananela seo re fanang ka sona ho tloha pelong, esita le haeba se le senyenyane.—Luka 21:1-4.
5 Jehova o re file lintho tse ngata. (Jak. 1:17) Re bontša hore rea li ananela ka ho nehela nako ea rōna, matla le matlotlo a mang ka seatla se bulehileng. Jehova o thabisoa ke ha re etsa joalo, “kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakor. 9:7.