Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/08 leq. 7
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Karolo ea Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Apara le ho Shebahala Hantle?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 3/08 leq. 7

Lebokose la Lipotso

◼ Re lokela ho apara joang ha re etela mehahong e sebelisetsoang borapeli ba Jehova?

Lefatšeng lohle, Liholo Tsa ’Muso, Liholo Tsa Kopano, mahae a Bethele le mehaho ea lekala ke libaka tse khethehileng tse nehetsoeng tšebeletsong ea Jehova. Li itekanetse, li hloekile, li makhethe, li na le seriti. Li fapane hōle le seo re se bonang tsamaisong ea Satane ea lintho. Ba etelang libaka tse sebelisetsoang borapeli ba Jehova le bona ba lokela ho bonahala hore ke batho ba Jehova, ba etsang thato ea hae.

Re le Bakreste, re “ipuella . . . hore re basebeletsi ba Molimo” ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le moaparo oa rōna o hlophehileng hantle le boitlhopho bo loketseng. (2 Bakor. 6:3, 4) Ho boetse ho lebeletsoe hore re itšoare hantle. Ka linako tsohle moaparo oa rōna le boitlhopho o lokela ho bontša hore re bahlanka ba Jehova Molimo ba itlhomphang le ba nang le seriti. Ho lokela ho ba joalo haholo-holo ha re etela mehaho ea ntlo-khōlō e New York hammoho le makala a lefatšeng lohle.

Buka ea Ho Hlophisetsoa ho Etsa Thato ea Jehova ha e bua ka bohlokoa ba moaparo o loketseng le boitlhopho e bontša hore ho hlokahala re hloeke ’meleng, re apare ka tsela e hlomphehang re be re itlhophe hantle ha re ea tšimong le libokeng tsa Bokreste. Joale, leqepheng la 139, serapeng sa 1, e re: “Hopola, Bethele e bolela ‘Ntlo ea Molimo.’ Ka lebaka leo, moaparo oa rōna, boitlhopho le boitšoaro li lokela ho tšoana le se lebeletsoeng ho rōna ha re le libokeng tsa borapeli Holong ea ’Muso.” Bahoeletsi ba ’Muso ba lulang hōle le haufi le Bethele ba lokela ho khomarela mokhoa ona o motle ha ba etela Bethele. Ha moeti a etsa sena o bontša kananelo le tlhompho e loketseng.—Pes. 29:2.

Tsela eo re aparang ka eona e lokela ho bontša hore re ba “ipolelang hore [re] fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Tim. 2:10) Moaparo le boitlhopho bo loketseng li na le tšusumetso e molemo tseleng eo ba bang ba talimang borapeli ba ’nete ba Jehova ka eona. Leha ho le joalo, ho hlokomelehile hore bara le barali babo rōna ba bang ba etelang libaka tse sebelisetsoang borapeli ba Jehova, ba apara liaparo tse casual haholo, tse sa hlompheheng, kapa tse bonaletsang. Bakreste ha baa lokela ho apara joalo ka nako leha e le efe. Tabeng ena, joaloka litabeng tse ling tsa bophelo ba Bokreste, re lakatsa ho khomarela mekhoa e metle e bontšang hore re batho ba Molimo eseng ba lefatše, re etsa lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.—Bar. 12:2; 1 Bakor. 10:31.

Ka hona, ha u etela ntlo-khōlō le lekala la New York State kapa makala a mang, ebang ke leeto le reriloeng kapa ha u le phomolong libakeng tsa bohahlauli, ipotse: ‘Na tsela eo ke apereng le ho itlhopha ka eona ke e hlomphehang, e hloekileng le e nang le seriti e tšoanelang sebaka seo ke tla se etela? Na e tlotlisa Molimo eo ke mo rapelang? Na tsela eo ke shebahalang ka eona e ka tšoenya ba bang kapa ea ba khopisa?’ E se eka kamehla re ka “khabisa thuto ea Mopholosi oa rōna, Molimo, linthong tsohle” ka moaparo le boitlhopho ba rōna!—Tite 2:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela