Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/08 leq. 1
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Le Iponahatse le le ba Lebohang”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • “Le Iponahatse le e-na Le Teboho”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • ‘Iponahatseng le le ba Lebohang’
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Na U Iponahatsa U le ea Lebohang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2008
km 4/08 leq. 1

“Le Iponahatse le le ba Lebohang”

1 Ka mor’a hore Jesu a folise balepera ba leshome, ke a le mong feela ea ileng a khutla ho tla mo leboha. Jesu o ile a re: “Ho hloekisitsoe ba leshome, na ha ho joalo? Joale, ba bang ba robong ba hokae?” (Luka 17:11-19) Ke habohlokoa hakaakang hore re ananele re be re lebohe mpho e ’ngoe le e ’ngoe e ntle le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoang ho Jehova Molimo, Ntate oa rōna ea leholimong ea lerato le ea fanang ka seatla se bulehileng!—Bakol. 3:15; Jak. 1:17.

2 Tse ling tsa lintho tseo re lokelang ho li leboha ke life? Re leboha thekollo, e leng mpho e khōlō ka ho fetisisa eo Molimo a e fileng batho. (Joh. 3:16) Re boetse re leboha Jehova ha a re huletse ho eena. (Joh. 6:44) Hape re leboha bonngoe bo teng ka phuthehong lefatšeng lohle. (Pes. 133:1-3) Ha ho pelaelo hore le uena u ka hopola limpho tse ling tse ngata tse tsoang ho Jehova. Ho hang ha re batle ho tšoana le Baiseraele ba se nang teboho ba ileng ba lebala lintho tseo Jehova a neng a ba etselitse tsona.—Pes. 106:12, 13.

3 Bontša Teboho: Le hoja e ka ’na eaba balepera bohle ba leshome ba ne ba ananela seo Jesu a ba etselitseng sona, ke a le mong feela ea ileng a bontša teboho. (Luka 17:15) Ka ho tšoanang, re bontša kananelo ka ho chesehela tšimo. Haeba ruri re leboha sohle seo Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong a se entseng, lipelo tsa rōna li tla re susumelletsa hore re etsise lerato la hae le ho fana ka seatla se bulehileng ka hore re bolelle ba bang ka eena. (Luka 6:45) Ha re bolella ba bang ka ‘mesebetsi ea Jehova e hlollang le menahano ea hae ho rōna,’ lerato la rōna le kananelo ea rōna ho eena li tla eketseha.—Pes. 40:5.

4 Khothalletsa ba Bang ho Bontša Kananelo: Re lokela ho batla litsela tsa ho thusa bana ba rōna le liithuti tsa Bibele hore ba be le kananelo. Batsoali ba na le menyetla e mengata ea ho etsa sena, joaloka nakong eo ka eona ba shebileng kapa ba qoqang le bana ba bona ka lintho tseo Jehova a li bōpileng. (Bar. 1:20) Ha re khanna thuto ea Bibele, re ka ’na ra botsa seithuti sa rōna, ra re, “Taba ee e re bontša hore Jehova ke motho oa mofuta ofe?” Ha kananelo ea seithuti e eketseha, le lerato la sona ho Molimo le tla eketseha ’me se tla ikemisetsa haholoanyane ho mo thabisa.

5 Matsatsing ana a ho qetela, batho ba bangata ha ba na kananelo le teboho. (2 Tim. 3:1, 2) Jehova o thaba haholo ha a bona bahlanka ba hae ba inehetseng ba bontša teboho ka ho chesehela tšimo.—Jak. 1:22-25.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela