Re na le Matlotlo a Bohlokoa ao re Lokelang ho a Arolela ba Bang
1 Lentsoe la Molimo le na le matlotlo a mangata a moea ao re a nkang e le a bohlokoa. (Pes. 12:6; 119:11, 14) Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a sebelisa lipapiso tse bontšang litšobotsi tse fapaneng tsa ’Muso, eaba o botsa barutuoa ba hae potso e reng: “Na le utloisisitse lintho tsee tsohle?” Ha ba re e, a re ho bona: “Ha ho le joalo, morupeli e mong le e mong oa sechaba, ha a rutiloe mabapi le ’muso oa maholimo, o joaloka motho, mong’a ntlo, ea ntšang pokellong ea hae ea letlotlo lintho tse ncha le tsa khale.”—Mat. 13:1-52.
2 Linnete tseo re li tsebileng ha re qala ho ithuta Bibele li ka nkoa e le matlotlo a khale. Ha re tsoela pele ho ithuta lintho tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo, re fumana linnete tse ling tsa Bibele, tseo re li nkang e le matlotlo a macha. (1 Bakor. 2:7) Hape, “lekhoba le tšepahalang le le masene” le re thusa ho utloisisa matlotlo a macha.—Mat. 24:45.
3 Re nka matlotlo ana a moea a macha le a khale e le a bohlokoa haholo. Sena se re susumelletsa hore re batle ho koetlisoa re be re fumane phihlelo ha re ruta Lentsoe la Molimo, ’me ka seatla se bulehileng re abela ba bang linnete tsa bohlokoa tseo re ithutileng tsona.
4 Ithute Mohlaleng oa Jesu: Jesu o ile a bontša kamoo a ikutloang kateng ka matlotlo ana ka ho etsa boiteko bo shoetseng ba ho a arolela ba bang. Leha a ne a khathetse, ha aa ka khaotsa ho ntša matlotlo “ka tlung ea [hae] ea polokelo.”—Joh. 4:6-14.
5 Jesu o ne a rata batho ba futsanehileng moeeng hoo a ileng a susumelletseha ho ba fa matlotlo a phelisang a linnete tsa Molimo. (Pes. 72:13) O ile a qenehela ba lapileng moeeng ’me a susumelletseha ho ba “ruta lintho tse ngata.”—Mar. 6:34.
6 Etsisa Jesu: Ha re etsisa Jesu ka ho nka matlotlo ao re nang le ’ona e le a bohlokoa haholo, re tla chesehela ho sebelisa Bibele ka ho toba ho bontša batho matlotlo a moea. (Liprov. 2:1-5) Le hoja ka linako tse ling re ka ikutloa re khathetse, re tla bolela linnete tsa Mangolo ka cheseho e tsoang pelong. (Mar. 6:34) Ha re ananela ka botebo matlotlo ao re nang le ’ona re tla susumelletseha ho etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong, ’me re ikakhele ka setotsoana ka linako tsohle.