Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 2 maq. 11-13
  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • LINTHO TSEO ’MUSO OA MOLIMO O SENG O LI ENTSE
  • ’MUSO OA MOLIMO O TLA ETSA’NG NAKONG E TLANG?
  • LINTHO TSEO ’MUSO OA MOLIMO O TLA LI ETSETSA BAFO BA OONA
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • ’Muso oa Molimo ke Eng?
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • ’Muso oa Molimo o Tl’o Etsa’ng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • ’Muso “o ke Keng oa Senngoa le ka Mohla”
    Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 2 maq. 11-13
Noka e phallela phororong. Noka e pota-potiloe ke lithaba tse lehloa le moru.

’Muso oa Molimo o Tla Etsa’ng?

Jesu o rutile barutuoa ba hae hore ba rapelle hore ’Muso oa Molimo o tle. O ne a tseba hore lintho tse mpe tse etsahalang lefatšeng Molimo ha a li rate le hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla rarolla mathata ana a teng. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng?

LINTHO TSEO ’MUSO OA MOLIMO O SENG O LI ENTSE

Sehloohong se fetileng re ile ra bona matšoao ao Jesu a faneng ka ’ona. Matšoao ao a bontša ka ho hlaka hore ’Muso oa Molimo o se o hlonngoe leholimong le hore Jesu ke morena oa oona.

Bibele e re hang ka mor’a hore Jesu a nke matla a puso, o ile a leleka Satane le bademona ba hae leholimong. Hona joale ba se ba ka lalasa lefatšeng feela ’me leo ke lona lebaka le entseng hore ho be le mathata lefatšeng ho tloha ka selemo sa 1914.​—Tšenolo 12:​7, 9.

Ho sa tsotellehe maemo a ntseng a mpefala lefatšeng, Morena oa ’Muso oa Molimo e leng Jesu, o se a entse lintho tse ling ho thusa batho lefatšeng lohle. Batho ba khona ho ithuta Bibele le ho sebelisa lintho tseo ba ithutileng tsona bophelong letsatsi le letsatsi ka lebaka la mosebetsi o etsoang lefatšeng lohle oa ho ruta batho Bibele oo Jesu a ileng a profeta ka oona. (Esaia 2:​2-4) Batho ba limilione ba ithutile hore ba be le pono e nepahetseng ka mosebetsi, hore ba be le malapa a thabileng, le hore ba thabele lintho tseo ba li sebelelitseng ba sa fetohe makhoba a tsona. Batho bana ba ntse ba ithuta ’me ba rua molemo linthong tseo ba ithutang tsona kahoo eba batho bao Molimo a thabelang hore e be bafo ba ’Muso oa hae.

’MUSO OA MOLIMO O TLA ETSA’NG NAKONG E TLANG?

Le hoja Jesu a se a busa leholimong, batho ke bona ba ntseng ba busa lefatšeng. Leha ho le joalo, Molimo o laetse Jesu a re: “Qala ho busa har’a lira tsa hao.” (Pesaleme ea 110:2) Haufinyane Jesu o tla felisa bahanyetsi bohle ba ’Muso oa Molimo ’me a imolle batho bohle ba ratang ho khahlisa Molimo.

Ka nako eo ’Muso oa Molimo o tla

  • Felisa bolumeli ba bohata. Malumeli ’ohle a rutileng mashano ka Molimo ’me a thatafalletsa batho bophelo a tla felisoa. Bibele e bapisa malumeli ana le letekatse. Batho ba bangata ba tla makala ha malumeli ana a felisoa.​—Tšenolo 17:​15, 16.

  • Felisa mebuso ea batho. ’Muso oa Molimo o tla ‘felisa mebuso’ ea batho.​—Tšenolo 19:​15, 17, 18.

  • Felisa batho ba khopo. Ho tla etsahala’ng ka batho ba ikemiselitseng ho etsa lintho tse mpe le ba sa batleng ho mamela Molimo? “Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng, ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”​—Liproverbia 2:22.

  • Felisa Satane le Bademona. Satane le bademona ba ke ke ba hlola ba “khelosa lichaba.”​—Tšenolo 20:​3, 10.

See se tla be se bolela’ng ho batho bohle ba ikemiselitseng ho busoa ke Molimo?

LINTHO TSEO ’MUSO OA MOLIMO O TLA LI ETSETSA BAFO BA OONA

Ha Jesu a se a busa lefatše o tla etsetsa batho lintho tse molemo ho feta tseo babusi leha e le bafe ba neng ba ka li etsetsa batho. O tla busa le ba 144 000 ba tla beng ba tsoa lefatšeng. (Tšenolo 5:​9, 10; 14:​1, 3) O tla etsa bonnete ba hore thato ea Molimo e etsahala lefatšeng lohle. ’Muso oa Molimo o tla etsetsa batho eng lefatšeng?

  • O tla felisa ho kula le lefu. “Ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula,’ ” hape “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”​—Esaia 33:​24; Tšenolo 21:4.

  • O tla tlisa khotso le tšireletseho. “Khotso ea bara ba hao e tla ba ngata,” hape “e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele.”​—Esaia 54:​13; Mikea 4:4.

  • O tla etsa hore batho ba be le mesebetsi e khotsofatsang. “Bakhethoa ba ka ba tla sebelisa mosebetsi oa matsoho a bona ka botlalo. Ba ke ke ba sehlela lefeela.”​—Esaia 65:​22, 23.

  • O tla felisa mathata a tikoloho. “Lefeella le sebaka se se nang metsi li tla thaba, le thota ea lehoatata e tla thaba ’me e thunye joaloka safrone.”​—Esaia 35:1.

  • O tla ruta batho seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba phele ka ho sa feleng. “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”​—Johanne 17:3.

Molimo o batla hore u thabele litlhohonolofatso tsena. (Esaia 48:​18) Sehlooho se latelang se tla u bontša hore na u ka etsa’ng e le hore le uena u tle u be le bokamoso bona bo thabisang.

Batho ba busitse ba bang ka lilemo tse likete ’me ba bakile tšenyo e kholo. ’Muso oa Molimo o tla etsolla tšenyo ena eohle. O tla fa batho

  • Banyalani ba matha ’moho ka morung.

    BOPHELO BO BOTLE ’MELENG

  • lelapa le ikhatholla phakeng. Ntate o letsa katara.

    KHOTSO LE TŠIRELETSEHO

  • Banyalani ba sebetsa ’moho jareteng.

    MESEBETSI E KHOTSOFATSANG

  • Noka e phallela phororong. Noka e pota-potiloe ke lithaba tse lehloa le moru.

    TIKOLOHO E HLOEKILENG

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela