Ruta ba sa Tsebeng ho Bala Hantle
1. Re ka ’na ra ba le bothata bofe tšebeletsong?
1 Ha re le tšebeletsong, ka linako tse ling re ba le bothata ba ho ruta batho ba sa tsebeng ho bala hantle ’nete. Re ka etsa’ng?
2. Re ka bontša joang hore re hlompha batho ba sa tsebeng ho bala hantle, hona hobane’ng?
2 Ba Siele Seriti: Ntho ea bohlokoa ho Jehova ke boemo ba pelo ea motho, eseng hore na o rutehile kapa che. (1 Sam. 16:7; Liprov. 21:2) Ka lebaka leo, ha re khelle fatše batho ba sa tsebeng ho bala hantle. Batho ba joalo ba ka amohela thuso ea rōna ha re ba hlompha ’me re sa ba felle pelo. (1 Pet. 3:15) Ho ka ’na ha e-ba molemo hore re se ke ra tsitlella hore motho a bale temana kapa serapa. Ha motho a ntse a ithuta linnete tsa bohlokoa tsa Bibele, a ka ’na a labalabela ho ntlafatsa tsebo ea hae ea ho bala e le hore a ka thabela ho bala Lentsoe la Molimo “ka lentsoe le tlaase bosiu le motšehare.”—Pes. 1:2, 3.
3. Ho ka sebelisoa mekhoa efe ho ruta batho ba sa tsebeng ho bala hantle?
3 Mekhoa e sa Tšoaneng ea ho Ruta Liithuti Tsa Bibele: Ho sebelisa litšoantšo ke tsela e molemohali ea ho ruta batho le ho ba thusa ho hopola seo ba ithutang sona. U ka ’na ua botsa seithuti hore na se bona’ng setšoantšong se ka har’a sengoliloeng seo le se sebelisang. Ebe u botsa lipotso tse tobileng tse tla se thusa ho utloisisa hore na setšoantšo seo se re ruta’ng. Sebelisa mangolo a totobatsang lintho tse tobileng tseo u batlang ho li hatisa setšoantšong. U ka boela ua sebelisa litšoantšo ho ikhopotsa lintlha. U se ke ua tšohla lintlha tse ngata haholo ka nako e le ’ngoe. Totobatsa sehlooho le lintlha tsa sehlooho, ’me u qobe ho kenyelletsa lintlha tse sieo tabeng e ithutoang. Bala mangolo Bibeleng ka ho toba, ’me u botse lipotso ho tiisa hore seithuti se utloisisa se baliloeng. Sena se ka se susumelletsa hore se labalabele ho ntlafatsa tsebo ea sona ea ho bala e le hore se ka batlisisa linnete tse eketsehileng tsa Bibele.
4. Re ka thusa seithuti sa rōna joang hore se ntlafatse tsebo ea sona ea ho bala?
4 Lintho Tse ka ba Thusang ho Ntlafatsa ho Bala: Batho ba sa tsebeng ho bala hantle kapa ba sa bang le monyetla oa ho ithuta ho bala hantle ba ka ’na ba khona ho utloisisa le ho hopola lintlha hantle. Mohlomong u ka ba khothalletsa hore ba mamele lingoliloeng tsa rōna tse rekotiloeng. Ha seithuti se mamela ’mali ka hloko ha se ntse se shebile sengoliloeng, mohlomong se pheta mantsoe ka ho buela tlaase, se tla ntlafatsa tsebo ea sona ea ho bala. Bukana ea Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola le eona e ka se tsoela molemo. Libakeng tse ling, baholo ba ka lokisetsa hore ho be le lihlopha tsa ho ithuta ho bala phuthehong. Litlhahiso tsena li ka etsa hore re thuse ba sa tsebeng ho bala hantle hore ba utloisise “lingoliloeng tse halalelang,” tse ka khonang ho ba hlalefisetsa poloko.—2 Tim. 3:15.