Ruta ka Tsela e Bonolo
1. Tšobotsi e ’ngoe ea bohlokoa ea ho ruta ka tsela e hlakileng le e atlehang ke efe?
1 Ho beha litaba ka tsela e bonolo ho ka etsa hore re rute ka tsela e atlehang. Re ka khona ho ntlafatsa “tsebo ea [rōna ea] ho ruta” ka ho hlahloba mokhoa oo Jesu, Mosuoe e Moholo a neng a ruta ka oona.—2 Tim. 4:2; Joh. 13:13.
2. Re lokela ho etsa’ng e le hore re rute ka tsela e bonolo, ’me thuto e joalo e ba le liphello life?
2 Nolofatsa Taba ea Hao: Thuto ea Thabeng e na le tse ling tsa linnete tse matla haholo tseo motho a kileng a li bua, kaofela ha tsona li buuoa ka tsela e bonolo. (Mat., khao. 5-7) Bongata bo neng bo mametse Jesu bo ile “ba hlolloa ke tsela ea hae ea ho ruta.” Mantsoe ao Jesu a ileng a a bua a ile a ama balaoli ba neng ba rometsoe ho ea mo tšoara hoo ba ileng ba re: “Ha ho mohla motho e mong a kileng a bua tjena.” (Mat. 7:28, 29; Joh. 7:46) E le hore batho ba kholoe ’nete eo re ba bolellang eona ha ho hlokahale hore re behe taba ka mantsoe a bontšang boiphahamiso, a rarahaneng, kapa ka lipapiso tse thata. Re ka hlalosetsa batho ’nete ka mantsoe a bonolo.
3. Ke hobane’ng ha ba bang ba tloaetse ho bolella batho litaba tse ngata haholo, ’me see se ka qojoa joang?
3 Etsa Hore Taba e Lekane Bamameli: Ka nako e ’ngoe Jesu o ile a nahana ka batho ba mo mametseng ha a rera hore na a ba bolelle litaba tse ngata hakae. (Joh. 16:12) Re lokela ho ba hlokolosi re be re tenyetsehe tabeng ena, haholo-holo ha re pakela batho bao re amanang le bona, batho ba sa tsoa thahasella kapa bana. Re lokela ho ba hlokolosi hore re se ba bolelle litaba tse ngata haholo esita leha ba bonahala ba mametse ka hloko. Batho ba tšepahalang ba tla tsoela pele ho rua tsebo ka Jehova, Molimo oa ’nete.—Joh. 17:3; 1 Bakor. 3:6.
4. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho totobatsa lintlha tse khōlō ho e-na le ho bua litaba tse ngata?
4 Totobatsa Lintlha Tse Khōlō: Jesu ha aa ka a thatafatsa seo a neng a se ruta ka ho bua litaba tse ngata haholo. Ha a ne a re: ‘Bohle ba mabitleng a khopotso ba tla tsoa,’ e ne e se nako ea hore a bolele litaba tse ngata mabapi le se tla etsahala ka lihlopha tse peli tsa ba tsohang bafung. (Joh. 5:28, 29) Ha re khanna lithuto tsa Bibele, re lokela ho totobatsa lintlha tse khōlō ’me re se ke ra bua litaba tse sa hlokahaleng tse sieo bukeng.
5. Re ka fumana tlhohonolofatso efe haeba re ruta ka tsela e bonolo?
5 Ruri rea ananela hore ebe Jehova o re rutile ka tsela e bonolo sohle seo re lokelang ho se tseba. (Mat. 11:25) E se eka re ka ikitlaelletsa ho ruta ka tsela e bonolo ’me re fumane thabo ea ho beha litholoana tšebeletsong.