Rorisa Jehova Letsatsi le Letsatsi
1. Bahlanka ba Molimo ba khothalletsoa ho etsa’ng, hona hobane’ng?
1 Morena Davida o ile a bolela hore o ikemiselitse ho rorisa Jehova “letsatsi lohle,” esita le ho isa nakong e sa lekanyetsoang. (Pes. 145:2, 7, 21) Le rōna re na le lebaka le letle la ho rorisa Jehova letsatsi le letsatsi.—Pes. 37:10; 145:14, 18; 2 Pet. 3:13.
2. Malapa a ka rorisa Jehova joang letsatsi le letsatsi?
2 Ka Malapeng a Rōna: Re na le lingoliloeng tse khothatsang tse re thusang ho buisana ka Bibele ha re tšoere temana ea letsatsi, ha re Kopanela Borapeling re le Lelapa le ha re lokisetsa liboka tsa phutheho. Malapa a mangata a tloaetse ho ja hammoho bonyane hang ka letsatsi. Seo se etsa hore litho tsa lelapa li buisane li iketlile li sa potlaka ’me li be le monyetla oa ho rorisa Jehova. Ha batsoali ba qalisa moqoqo, lipuisano tseo li ka ba thusa ho hōlisa bana “ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baef. 6:4; Deut. 6:5-7.
3. Re na le menyetla efe ea ho rorisa Jehova ha re e-na le barab’abo rōna?
3 Ha re E-na le Barab’abo Rōna: Ha re le tšimong kapa libokeng tsa phutheho, re ba le menyetla e metle haholo ea ho rorisa Jehova hammoho le barapeli-’moho le rōna. (Liprov. 15:30; Bafil. 4:8; Baheb. 13:15) Kaha kaofela re rata Jehova, ho ka ba bonolo hore re lebohe Jehova ka molemo oa hae meqoqong ea rōna.—Pes. 106:1.
4. Ke maemo afe a mang ao u ka rorisang Jehova ho ’ona?
4 Ha re Buisana le ba sa Lumelang: Le hoja maemo a ke ke a re lumella ho kopanela tšebeletsong ea phatlalatsa letsatsi le letsatsi, ho bua hakhutšoanyane ka Jehova le merero ea hae ha re e-na le basebetsi-’moho, batho bao re kenang sekolo le bona le ba bang ba re potolohileng ho ka fana ka tšepo ho batho ba thahasellang litaba tse molemo. (Pes. 27:14; 1 Pet. 3:15) Ha morali e mong oabo rōna a tsamaea ka sefofane, o ile a khona ho pakela motho ea palameng sefofane seo ea ileng a ikutloa a tšelisehile haholo a bile a khothalitsoe ke seo a ileng a se utloa hoo a ileng a fa morali’abo rōna aterese ea hae le nomoro ea fono e le hore ba tsoele pele ho buisana. Kaha lefatše lena le ntse le tetebela mathateng le maemong a mpefalang, batho ba Jehova ba tsoela pele ho tlisetsa batho ba batlang ho mamela “litaba tse molemo tsa ho hong ho molemo.” Sena se ba fa tšepo ’me se etsa hore ba rorise Jehova.—Esa. 52:7; Bar. 15:11.
5. Ke hobane’ng ha re rata ho rorisa Jehova, ’me see se ka fella ka eng?
5 E tlameha ebe Jehova o thaba hakaakang ha a utloa bahlanka ba hae ba mo rorisa letsatsi le letsatsi! Le rōna re ka etsisa lintho tse bōpiloeng tse bonahalang tse re potolohileng, ’me ra rorisa Jehova letsatsi le letsatsi malapeng a rōna, ka phuthehong le ha re bua le ba bang ba e-s’o rorise Jehova ’moho le rōna.—Pes. 19:1-4.