Re Lokela ho Khutlela ho Batho ba Thahasellang ka Mor’a Nako e Kae?
1. Ho etsa barutuoa ho akarelletsa eng?
1 Ho etsa barutuoa ho akarelletsa ho khutlela ho mang kapa mang ea bontšang hore o ikemiselitse ho ithuta ka ’Muso oa Jehova. (Mat. 28:19, 20) Hangata nako e molemo ea ho etsa leeto la ho boela e itšetlehile ka hore na re ba le nako neng esita le hore na motho ea thahasellang o ba le nako neng. Ke hobane’ng ha re lokela ho khutlela ho eena kapele ka mor’a hore re buisane le eena?
2, 3. Ke hobane’ng ha re lokela ho leka ho khutlela ka mor’a nako e khutšoanyane kamoo ho ka khonehang?
2 Lebaka la ho Khutlela ka Mor’a Nako e Khutšoanyane: Mosebetsi oa ho bolela “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” o se o tla fela, ’me bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo atametse. (Mat. 24:14; 1 Pet. 4:7) Kaha batho ba thahasellang ba sa ntse ba e-na le monyetla oa hore ba bolokehe ‘letsatsing lena la poloko,’ re lokela ho ela hloko keletso ea hore re ‘bolele lentsoe ka ho phehella,’ e leng se akarelletsang ho khutlela ka mor’a nako e khutšoanyane kamoo ho ka khonehang ho ea thusa batho bao ba thahasellang.—2 Bakor. 6:1, 2; 2 Tim. 4:2.
3 Satane o labalabela ho tlosa peō leha e le efe ea ’Muso eo re ka e jalang pelong ea motho ea thahasellang. (Mar. 4:14, 15) Hangata litho tsa lelapa, basebetsi-’moho hammoho le ba bang ba soma batho ba thahasellang. Haeba re khutlela ho bona ka mor’a nako e khutšoanyane, re tla khona ho ntšetsa moqoqo oa rōna pele, pele batho ba bang ba ba nyahamisa.
4. Re ka lokisetsa leeto la ho boela joang leetong la pele?
4 Beha Nako: Ho molemo hore u behe nako e tobileng eo u tla khutla ka eona pele le arohana. Botsa potso eo u tla e araba nakong e tlang. Ho ngola lintlha tseo le buisaneng ka tsona ho tla u tsoela molemo ha u etsa leeto la ho boela. Haeba u tla fumana nako, u ka ’na ua kōpa ho khutla letsatsing le hlahlamang kapa ka mor’a matsatsi a seng makae. Haeba le buisane le motho eo ea thahasellang e le mafelo-beke ’me a sebetsa har’a beke, mohlomong o tla lumela hore u khutlele ho eena mafelo-bekeng a hlahlamang. Ha u behile nako, etsa bonnete ba hore u phethahatsa tšepiso ea hao.—Mat. 5:37.
5. Ke hobane’ng ha ho khutla kapele ho tla re thusa hore re phethe mosebetsi oo Jesu a re fileng oona oa ho etsa barutuoa?
5 Ho molemo hore re khutlele ho batho ba thahasellang ka mor’a nako e khutšoanyane kamoo ho ka khonehang. Kahoo, beha nako ’me u khutle kapele, etsoe “nako e setseng e fokotsehile.” (1 Bakor. 7:29) Haeba re khutlela kapele ho batho ba thahasellang, ho ka etsahala hore re khone ho qalisa lithuto tsa Bibele.