Na Leihlo la Hao le Talimile Nģa e le ’Ngoe?
1. Ho ba le ‘leihlo le talimileng nģa e le ’ngoe’ ho bolela’ng?
1 Re etsa lintho tseo re li etsang ka lebaka la seo mahlo a rōna a se talimileng. Ka sebele ho loketse hore ebe Jesu o ile a re: “Haeba leihlo la hao le talima nģa e le ’ngoe, ’mele oohle oa hao o tla khanya”! (Mat. 6:22) Ha re mamela Jesu ’me leihlo la rōna le talima nģa e le ’ngoe, seo se bolela hore le tsepame sepheong se le seng—ho etsa thato ea Molimo. Re etelletsa ’Muso pele bophelong ’me ha re khelosoe ke lintho tsa lefatše tse sa hlokahaleng kapa mesebetsi e kena-kenanang le tšebeletso ea rōna.
2. Ke eng e ka khopamisang tsela eo re talimang lintho ka eona, empa re tla thusoa ke eng?
2 Re Lokela ho Itlhahloba: Re ka ’na ra iphumana re sa khone ho etsa qeto e nepahetseng mabapi le seo re se hlokang hobane re ferekantsoe ke mecha ea phatlalatso e bapatsang thepa kapa ke lintho tseo batho ba bang ba nang le tsona. Pele u ikitlaelletsa ho etsa ntho e itseng kapa ho e reka ’me e le ntho e tla hloka nako e ngata, chelete kapa matla, ho ka ba molemo hore u “bale litšenyehelo” ka ho ipotsa potso ena, ‘Na e tla ntlafatsa tsela eo ke sebeletsang Jehova ka eona kapa e tla ntšitisa?’ (Luka 14:28; Bafil. 1:9-11) Hape ho molemo hore nako le nako re nahane ka lintho tseo re ka li fokotsang bophelong ba rōna e le hore re ka khatha tema e khōloanyane tšebeletsong.—2 Bakor. 13:5; Baef. 5:10.
3. Re ithuta’ng tabeng ea hore morali’abo rōna o ile a etsa liphetoho e le ho fokotsa lintho tse ling bophelong ba hae?
3 Ha morali e mong oabo rōna a qala ho ba pula-maliboho oa kamehla, o ile a khetha ho lula mosebetsing oa hae oa nako eohle, le hoja mosebetsi oa nakoana o ne o ka ’na oa mo fa chelete e lekaneng hore a iphelise. Qetellong o ile a re: “Ha ho eo e ka bang lekhoba la benghali ba babeli. Ke ile ka lokela ho lebala ka lintho tseo ke li batlang e le hore ke fumane tseo ke li hlokang. Ke ile ka hlokomela hore lintho tsa lefatše lia tsofala ’me haeba ke li lelekisa, ke tla khathala.” Maemo a hae a ile a mo lumella ho etsa liphetoho e le hore a fokotse lintho tse ling bophelong ba hae, eaba o tlohela mosebetsi oo, a fumana o mong o mo lumellang ho tsoela pele ka tšebeletso ea bopula-maliboho.
4. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re tiise hore leihlo la rōna le talimile nģa e le ’ngoe?
4 Kaha metsotso e jele babeli, ka sebele ke habohlokoa hore re loanele hore leihlo la rōna le lule le talimile nģa e le ’ngoe. Letsatsi ka leng le fetang le re atametsa haufi le bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ebile le re atametsa haufi le lefatše le lecha la Molimo. (1 Bakor. 7:29, 31) Ka ho ameha ka mosebetsi oa ho bolela, re ka ipholosa ra ba ra pholosa le ba re mamelang.—1 Tim. 4:16.