Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/11 leq. 2
  • Na Bana ba Hao ba se ba le Malala-a-laotsoe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Bana ba Hao ba se ba le Malala-a-laotsoe?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thusa Bana ba Hao Hore ba Loantše Mathata a Bona a Mangata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Linotlolo Tse Lebisang Thutong E Ntle
    Tsoha!—1996
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
km 7/11 leq. 2

Na Bana ba Hao ba se ba le Malala-a-laotsoe?

1. Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore bana ba kenang sekolo ba be malala-a-laotsoe?

1 Selemo le selemo ha likolo li buloa, ha ho potang hore bana ba hao ba tla tobana le mathata a macha le lintho tse ncha tse ba tšoenyang. Ba tla boela ba fumane menyetla e meng ea hore ba “pakele ’nete.” (Joh. 18:37) Na ba se ba le malala-a-laotsoe?

2. E le hore bana ba hao ba be malala-a-laotsoe, ke eng eo ba lokelang ho e tseba?

2 Na bana ba hao ba utloisisa ka ho hlakileng hore na ho boleloa’ng ha ho thoe motho o kopanela meketeng ea bochaba le matsatsing a phomolo a bohetene, hona na baa utloisisa hore na ke hobane’ng ha ho kopanela linthong tseo ho fosahetse? Na ba se ba le malala-a-laotsoe hore ba sebetsane le khatello eo ba tla tobana le eona ea ho lelekisa thuto e phahameng, ea ho ratana, esita le ho noa joala kapa ho sebelisa lithethefatsi? Na ba tla arabela feela ka hore bolumeli ba bona ha bo ba lumelle ho kopanela mokhoeng o fosahetseng kapa na ba tseba ho hlalosa seo ba se lumelang?—1 Pet. 3:15.

3. Batsoali ba ka sebelisa mantsiboea a Borapeli ba Lelapa joang hore ba koetlise bana ba bona?

3 Sebelisa Mantsiboea a Borapeli ba Lelapa: Ke ’nete hore selemo ho pota le tla ’ne le buisane ka mathata a macha a hlahelang bana ba lōna sekolong. Bana ba hao ba tla ikutloa ba e-na le sebete haeba u etsa boiteko bo khethehileng ba hore pele likolo li buloa, u buisane le bona ka mathata ao ba ka tobanang le ’ona sekolong. Ho ka ba molemo hore ka lekhetlo le le leng kapa a ’maloa, mantsiboeeng a Borapeli ba Lelapa, le buisane ka mathata ao. U ka ’na ua botsa bana ba hao hore na ke eng e ba tšoenyang ka ho fetisisa sekolong. Kaha joale bana ba lōna ba se ba le baholoanyane ebile ba se ba utloisisa lintho ka tsela e batsi, le ka ikhopotsa lintho tseo le buisaneng le bona ka tsona lilemong tse fetileng. (Pes. 119:95) U ka akarelletsa mananeo a ho itlhakisa ao ho ’ona u etsang eka u tichere, moeletsi oa liithuti kapa seithuti-’moho le ngoana oa hao. Ruta bana ba hao ho araba ba sebelisa Bibele le lingoliloeng tse ling tse kang buka ea Ho Bea Mabaka le libuka tsa Bacha Baa Botsa. Motsoali e mong o ne a sebelisa mananeo a ho itlhakisa hore a rute bana ba hae hore na mathoasong a selemo ka seng ba ka etsa joang ha ba e-ea ho matichere a qalang ho ba ruta ho ea a bolella hore ke Lipaki Tsa Jehova.—Sheba Molula-Qhooa oa December 15, 2010, leqepheng la 3-5.

4. Batsoali ba bohlale ba tla etsa’ng?

4 Mathata ao bacha ba Bakreste ba tlamehang ho tobana le ’ona matsatsing ana a ho qetela a ntse a e-ba ‘thata le ho feta hore ba ka sebetsana le ’ona.’ (2 Tim. 3:1) Batsoali ba bohlale ba tla lula ba a letetse. (Liprov. 22:3) Pele mathata ana a hlaha, etsa sohle se matleng a hao ho thusa bana ba hao hore ba lule ba le malala-a-laotsoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela