Licheletana Tse Peli Tsa Tšepe Tsa Boleng bo Bonyenyane
Tsela e ’ngoe eo ka eona re tšehetsang mesebetsi e amanang le ’Muso ke ka ho ntša menehelo ea chelete bakeng sa mosebetsi oa boboleli o etsoang lefatšeng lohle. Re ka etsa joang haeba re le kojoana li mahetleng?
Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a bona mosali oa mohlolohali a nehela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane letlōleng la tempele. Lerato leo a ratang Jehova ka lona le ile la mo susumelletsa hore “ho tsoa bohloking ba hae,” a fane ka “sohle seo a neng a e-na le sona, sohle seo a neng a phela ka sona.” (Mar. 12:41-44) Taba ea hore ebe Jesu o ile a bua ka taba ena e bontša hore monehelo oa mosali eo e ne e le oa bohlokoa haholo ho Molimo. Ka ho tšoanang, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ha baa ka ba nka hore tlotla ea ho tšehetsa boboleli ka lichelete ke ea Bakreste ba ruileng feela. Moapostola Pauluse o ile a bua ka mohlala oa batho ba Macedonia bao ho sa tsotellehe ‘bofutsana ba bona bo tebileng ba neng ba ntse ba kōpa ka kōpo e tiileng haholo tokelo ea ho fana ka mosa.’—2 Bakor. 8:1-4.
Kahoo, haeba re khona ho ntša feela “licheletana tse peli tsa tšepe,” re lokela ho hopola hore ha menehelo e menyenyane e kena ka bongata, e ka etsa chelete e ngata. Ha re fana ho tsoa pelong, Ntate oa rōna ea leholimong ea seatla se bulehileng o tla thaba hobane “Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.”—2 Bakor. 9:7.