Nkang Baprofeta e le Mohlala—Jonase
1. Jonase o ne a e-na le litšobotsi life tse ntle?
1 Ha u nahana ka moprofeta Jonase ho tla eng kelellong ea hao? Batho ba bang ba ka ’na ba mo nka e le lekoala kapa e le motho ea pelo e thata. Leha ho le joalo, o ile a bontša boikokobetso, sebete le moea oa boitelo. Re ka etsisa litšobotsi tsee tse ntle tsa Jonase joang?—Jak. 5:10.
2. Re ka etsisa boikokobetso ba Jonase joang?
2 Boikokobetso: Qalong, Jonase o ile a baleha a ea hōle le moo a neng a laetsoe hore a e’o bolela teng. Kaha Baassyria ba ne ba tsejoa ka liketso tse mpe, ebile Nineve e tsejoa ka hore ke “motse oa tšollo ea mali,” ha ho makatse hore ebe Jonase o ile a baleha. (Nah. 3:1-3) Ho sa tsotellehe seo, Jehova o ile a mo khalemela, eaba Jonase o bontša hore o ikokobelitse ka hore a amohele mosebetsi oo Jehova a ileng a mo fa oona pele. (Liprov. 24:32; Jon. 3:1-3) Ho sa tsotellehe hore qalong o ile a qeaqea, qetellong o ile a etsa thato ea Jehova. (Mat. 21:28-31) Na ka ho tšoanang le rōna re ikemiselitse ho bolela litaba tse molemo esita le hoja re kile ra khalemeloa kapa re bolela tšimong e thata?
3. Ke likarolo life tsa tšebeletso ea hao tse hlokang sebete le boitelo?
3 Sebete le Boitelo: Ha Jonase a lemoha hore qeto ea hae e mpe e behile bophelo ba basesisi ba sekepe kotsing, o ile a ikemisetsa ho tela bophelo ba hae. (Jon. 1:3, 4, 12) Hamorao ha a phetha thōmo ea hae o ile a ea khubung ea motse oa Ninive, mohlomong o ne a batla hore a fumane sebaka se nepahetseng moo a ka phatlalatsang likahlolo tsa Jehova teng. Tsena, e ne e se liketso tsa lekoala empa e ne e le tsa moprofeta oa Molimo ea sebete! (Jon. 3:3, 4) Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Re hloka hore Molimo a re fe sebete e le hore ha re hanyetsoa re pake ka sebete. (Lik. 4:29, 31) Ho sebelisa nako le chelete ea rōna tšebeletsong ho re hloka boitelo.—Lik. 20:24.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho qeta nako e itseng re ntse re nahana ka mohlala o motle oo baprofeta ba Jehova ba re behetseng oona?
4 Nako le nako ha u bala tlaleho ea e mong oa baprofeta ba Jehova, u tla rua molemo haeba u ipona u phela maemong a hae. Ipotse: ‘Nka be ke entse joang? Nka etsisa litšobotsi tsa hae tse ntle joang?’ (Baheb. 6:11, 12) Lihlooho tse ling tse tlang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso li tla tšohla ka ho eketsehileng lintho tsa bohlokoa tseo re ka ithutang tsona ho baprofeta ba tšepahalang ba Jehova.