Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/13 leq. 1
  • Nkang Baprofeta e le Mohlala—Amose

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Nkang Baprofeta e le Mohlala—Amose
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bolelang Lentsoe la Molimo ka Sebete
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Buka ea Bibele ea 30—Amose
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Ho Timela ha Sechaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Kahlolo ea Jehova e Tla Tlela ba Khopo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2013
km 9/13 leq. 1

Nkang Baprofeta e le Mohlala—Amose

1. Ke hobane’ng ha mohlala oa Amose o ka re khothatsa?

1 Na u kile ua ikutloa u sa tšoanelehe ho paka hobane u sa ruteha kapa u tsoa lelapeng leo e seng la bohlokoa? Haeba ho joalo, mohlala oa Amose o ka u thusa ho ba sebete. Le hoja e ne e le mohlokomeli oa linku ebile a sebetsa linakong tse itseng tsa selemo, Jehova o ile a mo matlafaletsa ho phatlalatsa molaetsa oa bohlokoa. (Amose 1:1; 7:14, 15) Ka ho tšoanang le kajeno Jehova o ntse a sebelisa batho ba ikokobelitseng le ba tlaasana. (1 Bakor. 1:27-29) Ke eng hape eo re ka ithutang eona ho moprofeta Amose bakeng sa tšebeletso ea rōna?

2. Ke hobane’ng ha re ka lula re tiile le ha re hlorisoa?

2 Lula U Tiile le ha U Hanyetsoa: Ha Amazia, moprista ea rapelang namane ea neng a lula ’musong o ka leboea oa meloko e leshome ea Iseraele a utloa ha Amose a profeta ho ile ha tšoana le ha eka o re: ‘Haeno! Khaohana le rōna! Re na le bolumeli ba rōna!’ (Amose 7:12, 13) Amazia o ile a fetola seo Amose a neng a se buile ha a kōpa Morena Jeroboame hore a thibele mosebetsi oa Amose. (Amose 7:7-11) Leha ho le joalo Amose ha aa ka a cha ntši. Le kajeno baruti ba bang ba batla thuso ho bo-ralipolotiki ha ba batla ho hlorisa batho ba Jehova. Ho ntse ho le joalo, Jehova o re tšepisa hore ha ho sebetsa se ka etsoang khahlanong le rōna se ka atlehang.—Esa. 54:17.

3. Molaetsa oo re o phatlalatsang o na le likarolo life tse peli?

3 Phatlalatsa Likahlolo Tsa Molimo le Litlhohonolofatso Tsa Nakong e Tlang: Le hoja Amose a ne a profeta ka kahlolo e khahlanong le ’muso oa meloko e leshome ea Iseraele, o ile a phethela buka ea Bibele e reheletsoeng ka eena ka tšepiso ea Jehova ea tsosoloso le mahlohonolo a mangata. (Amose 9:13-15) Le rōna re bua ka ‘letsatsi la kahlolo’ la Molimo le ntseng le atamela, leo e leng karolo feela ea ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ tseo re li phatlalatsang. (2 Pet. 3:7; Mat. 24:14) Jehova o tla lokisetsa batho lefatše la paradeise ha a felisa batho ba khopo ka Armagedone.—Pes. 37:34.

4. Ke eng e re kholisang hore re ka phetha thato ea Jehova?

4 Ha ho pelaelo hore ho phatlalatsa molaetsa oa ’Muso lefatšeng le tletseng bahanyetsi ba bangata ho phephetsa boikemisetso ba rōna ba ho phelela boinehelo ba rōna ho Jehova le ho etsa thato ea hae. (Joh. 15:19) Ho sa tsotellehe seo, re kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho re thusa ho phetha thato ea hae feela joalokaha a ile a thusa Amose.—2 Bakor. 3:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela