U Tla Ets’ang ka Matsatsi a Phomolo?
Kaha batho ba bangata ba teng malapeng ka matsatsi a phomolo a bolumeli kapa a sechaba, ena ke nako e ntle ea hore re ee tšimong. Liphutheho li khothalletsoa hore li etse litokisetso tse khethehileng tsa ho paka ka matsatsi ana. Haeba batho ba bangata ba tsoha motšehare linakong tsena, ho ka ba molemo hore re fetole nako ea seboka sa tšebeletso ea tšimo. Ho ka etsoa tsebiso Sebokeng sa Tšebeletso mabapi le litokisetso tse khethehileng tsa ho paka ka matsatsi a phomolo ’me ha khothalletsoa bohle ba ka khonang hore ba nke karolo. Ke ’nete hore matsatsi a phomolo a boetse a re fa nako ea ho phomola kapa ho phetha mabaka a rōna. Empa ho ka ba joang ha re ka sebelisa nako e itseng tšebeletsong ea tšimo letsatsing leo? Ha re etsa joalo, tšebeletso e halalelang e tla re khatholla.—Mat. 11:29, 30.