Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/14 leq. 2
  • Itloaetse ho Boloka Nako

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itloaetse ho Boloka Nako
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Boloka Nako?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Ho Boloka Nako
    Tsoha!—2016
  • Poloko ea Nako le Uena
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bontša Kananelo Bakeng sa Ntlo ea Molimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2014
km 5/14 leq. 2

Itloaetse ho Boloka Nako

1. Jehova o re behela mohlala ofe tabeng ea ho boloka nako?

1 Kamehla Jehova o boloka nako. Ka mohlala, o ‘thusa bahlanka ba hae ka nako e nepahetseng.’ (Baheb. 4:16) O boetse o fana ka “lijo tsa [moea] ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:45) Kahoo, re ka kholiseha hore letsatsi la khalefo ea hae ‘le ke ke la siuoa ke nako.’ (Hab. 2:3) Ka sebele re rua molemo ka hore ebe Jehova o boloka nako. (Pes. 70:5) Kaha re maphathaphathe ebile ha rea phethahala, ho ka ba thata hore re boloke nako. Ke hobane’ng ha re lokela ho itloaetsa ho boloka nako?

2. Ke hobane’ng ha ho boloka nako ho tlotlisa Jehova?

2 Ho tšoara nako ke ntho e ikhethang matsatsing ana a ho qetela ao ka ’ona batho ba bangata e leng baithati le ba se nang boitšoaro. (2 Tim. 3:1-3) Kahoo ha Bakreste ba tšoara nako ea mosebetsi, ea mabaka ao ba lokelang ho a phetha le ea liboka, ba bang baa elelloa ’me sena se tlotlisa Jehova.(1 Pet. 2:12) Na re tšoara nako ha re ea mosebetsing, empa re sa e tšoare ha re ea linthong tse amanang le tšebeletso ea Molimo? Haeba re fihla ka nako libokeng pele ho qaloa ka pina le thapelo, seo se bontša hore re rata ho etsisa Ntate oa rōna ea leholimong ea hlophisehileng.—1 Bakor. 14:33, 40.

3. Ke hobane’ng ha ho boloka nako ho bontša hore re nahanela ba bang?

3 Hape ha re boloka nako re bontša hore re nahanela ba bang. (Bafil. 2:3, 4) Ka mohlala, ha re fihla ka nako libokeng, ho akarelletsa le seboka sa tšimo, ha re sitise balumeli-’moho le rōna ho sa hlokahale. Ka lehlakoreng le leng, haeba re fihla ka mor’a nako, re fa ba bang maikutlo a hore nako ea rōna e bohlokoa ho feta ea bona. Ha re tšoara nako re bontša hore rea tšepahala, re batho ba sebetsang ka thata ba ka tšeptjoang e leng litšobotsi tseo batho ba bang ba li ananelang.

4. Haeba re atisa ho fihla ka mor’a nako, re ka ntlafatsa joang?

4 Haeba u atisa ho fihla ka mor’a nako, nahanisisa ka hore na ke hobane’ng ha ho le joalo. Etsa hore u hlophisehe ka hore u iketsetse kemiso eo u ka e finyellang e ka u thusang ho etsa mesebetsi ka nako. (Moek. 3:1; Bafil. 1:10) Kōpa Jehova hore a u thuse. (1 Joh. 5:14) Ho boloka nako ke tsela e ’ngoe eo ka eona re bontšang hore re ananela melao e ’meli e meholo e leng ho rata Molimo le baahelani ba rōna.—Mat. 22:37-39.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela