Nkang Baprofeta e le Mohlala—Sofonia
1. Sofonia e ile ea e-ba moprofeta boemong bofe, hona ke hobane’ng ha mohlala oa hae o le motle ho rōna kajeno?
1 E ne e le bohareng ba lekholo la bosupa la lilemo B.C.E., ’me borapeli ba Baale bo ne bo etsoa phatlalatsa Juda. Morena Amone e mobe o ne a sa tsoa bolaoa, ’me ho ne ho busa Morena Josiase e monyenyane. (2 Likron. 33:21–34:1) Nakong eo, Jehova o ile a romela Sofonia hore a bolele molaetsa oa hae oa kahlolo. Le hoja e ka ’na eaba Sofonia e ne e le oa lelapa la borena la Juda, ha aa ka a bebofatsa molaetsa oa kahlolo o eang ho marena a Juda. (Sof. 1:1; 3:1-4) Ka ho tšoanang, re leka ho ba sebete joaloka Sofonia le hore re se ke ra lumella likamano tsa lelapa ho kena-kenana le borapeli ba rōna ho Jehova. (Mat. 10:34-37) Sofonia o ile a bolela molaetsa ofe, hona ka liphello life?
2. Re lokela ho etsa’ng hore re patoe letsatsing la bohale ba Jehova?
2 Batla Jehova: Ke Jehova feela ea ka sireletsang batho letsatsing la bohale ba hae. Kahoo, Sofonia o ile a phehella batho ba Juda ho batla Jehova, ho batla ho loka le ho batla bonolo nako e sa ntse e le teng. (Sof. 2:2, 3) Ho joalo le mehleng ea rōna. Joaloka Sofonia, re khothalletsa ba bang ho batla Jehova, empa le rōna re lokela ho nka khato, re ikemisetse hore le ka mohla re se ke ra ‘ikhula ho lateleng Jehova.’ (Sof. 1:6) Ho e-na le hoo, re batla Jehova ka hore re ithute Lentsoe la hae ka hloko le ka ho rapella tataiso ea hae. Re batla ho loka ka hore re hloeke boitšoarong. Re batla bonolo ka hore re ikokobetse le ka hore hang-hang re latele tataiso ea mokhatlo oa Jehova.
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le boikutlo bo nepahetseng tšebeletsong?
3 Liphello Tse Molemo: Molaetsa oa kahlolo oa Sofonia o ile oa susumetsa ba bang Juda, empa ho ka etsahala hore ebe o ile oa susumetsa Josiase e monyenyane le ho feta, hoo a ileng a qala ho batla Jehova e sa ntse e le moshanyana. Hamorao Josiase o ile a kena letšolong le matla khahlanong le borapeli ba litšoantšo. (2 Likron. 34:2-5) Kajeno, le hoja ho e-na le peō ea ’Muso e oelang haufi le tsela, libakeng tse majoe, har’a meutloa, ho na le e oelang mobung o motle ’me e beha litholoana. (Mat. 13:18-23) Re kholisehile hore Jehova o tla tsoela pele ho hlohonolofatsa seo re se etsang ha re lula re phathahane mosebetsing oa ho jala peō ea ’Muso.—Pes. 126:6.
4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ‘lula re lebeletse Jehova’?
4 Batho ba bang ba Juda ba ne ba nahana hore ha ho mohla Jehova a tla nka khato. Leha ho le joalo, Jehova o ile a tiisetsa bohle hore letsatsi la hae le leholo le atametse. (Sof. 1:12, 14) Ke ba tšabelang ho eena feela ba neng ba tla pholoha. (Sof. 3:12, 17) Ha re ntse ‘re lutse re lebeletse Jehova,’ e se eka re ka thabela ho sebetsa re momahane le barapeli-’moho le rōna!—Sof. 3:8, 9.