Etsisa Mohlala oa Moprofeta Nahume
1. Re ithuta’ng bukeng ea Nahume?
1 Lithako tsa motse oa Ninive oa boholo-holo ke bopaki ba hore feela joalokaha Nahume a ne a profetile, Jehova o iphetetsa ho lira tsa Hae ’me le sera se sehlōhō ka ho fetisisa se ke ke sa ema khahlanong le Eena. (Nah. 1:2, 6) Ha re bala boprofeta ba Nahume ka hloko, re ka ithuta lintho tse ngata mabapi le tšebeletso ea rōna.
2. Re ka etsa joang hore molaetsa oa rōna o lule e le o khothatsang?
2 Fana ka Khothatso le Tšepo: Ha u habanya buka ea Nahume, e ka bonahala e le buka feela e phatlalatsang kahlolo khahlanong le motse oa Ninive, oo e neng e le motse-moholo oa Assyria ea boholo-holo o bile o e-na le batho ba ikhohomosang. (Nah. 1:1; 3:7) Leha ho le joalo, phatlalatso eo e ne e le litaba tse thabisang ho batho ba Jehova. Nahume, eo lebitso la hae le bolelang “Motšelisi,” o ile a tiisetsa Bajuda-’moho le eena hore haufinyane sera sa bona se ke ke sa hlola se e-ba teng! Nahume o ile a boela a tiisa hore Jehova “ke qhobosheane letsatsing la mahlomola.” (Nah. 1:7) Ka ho tšoanang, ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re bolella ba bang litaba tse molemo ’me re ba khothalletsa ho etsa Jehova setšabelo sa bona.—Nah. 1:15.
3. Re ka etsisa Nahume joang ka ho sebelisa mehlala le lipapiso?
3 Sebelisa Mehlala le Lipapiso: Jehova o ile a susumetsa Nahume hore a bapise timetso ea Ninive le ea motse oa Baegepeta oa Thebese (No-amone), o ileng oa timetsoa ke Assyria ka boeona. (Nah. 3:8-10) Ha re ntse re bua le batho ka bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho, re ka totobatsa boprofeta ba Bibele bo pakang hore Jehova o phethahatsa lentsoe la hae ka botlalo. Ka mohlala, ha Bababylona le Bamede ba il’o loantša motse oa Ninive ka 632 B.C.E., lipula tsa litloebelele li ile tsa etsa hore Nōka ea Tigris e tlale haholo, hoo karolo e itseng ea marako a motse a neng a sa kenehe habonolo e ileng ea putlama. Kahoo, Ninive e ile ea haptjoa kapele, feela joalokaha Jehova a ne a boletse.—Nah. 1:8; 2:6.
4. Re ka bua ka tsela e hlakileng le e utloahalang joang tšebeletsong?
4 Bua ka Tsela e Hlakileng le e Utloahalang: Nahume o ne a ngola ka mokhoa o qaqileng le o susumetsang maikutlo. O ne a beha lintlha ka tsela e hlakileng. (Nah. 1:14; 3:1) Ka ho tšoanang, re batla ho bua ka tsela eo batho ba tla utloisisa molaetsa oa rōna habonolo. (1 Bakor. 14:9) Ha u qala ho etela motho, mo hlalosetse hore na ke hobane’ng ha u tlile. Ha u ntse u ithuta Bibele le batho, ba thuse hore ba lumele ho Jehova le Lentsoeng la hae le hore ba ananele kamoo boitsebiso ba lona bo ba amang ka ho toba kateng.—Bar. 10:14.
5. Re tiisetsoa eng boprofeteng ba Nahume?
5 Nahume o ne a tšepa hore lentsoe la Jehova le tla phethahala ka ho feletseng ’me sena se bonahala ka ho hlaka bukeng ea Bibele e reheletsoeng ka eena. Ha bofelo ba tsamaiso ea Satane bo ntse bo atamela, re khothatsoa ke qeto ena ea Molimo, e reng: “Mahlomola a ke ke a tsoha ka lekhetlo la bobeli.”—Nah. 1:9.