Lipina Tse Ncha Tsa Borapeli!
1 Sebokeng sa selemo le selemo sa Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, se ileng sa tšoaroa ka la 4 October, 2014, ho ile ha etsoa tsebiso ea hore buka ea rōna ea lipina e tla ntlafatsoa. Litaba tsena e ile ea e-ba tse thabisang e le kannete! Bohle ba neng ba le sebokeng seo ba ile ba hopotsoa ka karolo ea bohlokoa eo lipina tsa ’Muso li e phethang borapeling ba rōna.—Pes. 96:2.
2 U ka ’na ua ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore buka ea lipina e ntlafatsoe?’ Ho na le mabaka a ’maloa. La pele, kutloisiso ea rōna ea Mangolo e tsoela pele ho ntlafatsoa, ’me seo se ka ama mantsoe a lipina tsa rōna. (Liprov. 4:18) Lebaka le leng la ho ntlafatsa: Lipolelo tse ngata tse hlahang bukeng eo re e sebelisang hona joale ea lipina ke tse tsoang khatisong ea pejana ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha. Mantsoe ao a lokela ho fetoloa hore a lumellane le mantsoe a hlahang khatisong e ntlafalitsoeng. Kaha mosebetsi oa hore ho sebelisoe mantsoe a morao-rao o ne o tla ba mongata, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho kenngoe lipina tse seng kae feela tse ncha bukeng ea lipina.
3 Na re tla lokela ho ema ho fihlela ho hatisoa buka ea lipina pele re ka qala ho bina lipina tse ncha? Che. Re thabela ho le tsebisa hore likhoeling tse ’maloa tse tlang, lipina tse seng kae tse ncha li tla hlaha Websaeteng ea rōna ea jw.org. Ha ho lokolloa pina e ncha, e tla hlahella qetellong ea Seboka sa Tšebeletso ka tsebiso e reng, “pina e ncha.”
4 Kamoo re ka Ithutang Lipina Tse Ncha Kateng: Ho ka ’na ha e-ba thata ho ithuta pina e ncha. Leha ho le joalo, joaloka mopesaleme, le rōna re batla ho bina libokeng tsa rōna tsa phutheho ’me re ‘se ke ra khutsa.’ (Pes. 30:12) E le hore u ithute pina e ncha, latela mehato ena e bonolo.
Ka makhetlo-khetlo mamela ’mino oa piano o tla kenngoa Websaeteng ea rōna. Ho mamela tsela eo pina eo e binoang ka eona khafetsa ho tla u nolofalletsa ho e hopola.
Ithute mantsoe a eona ’me u leke ho a tšoara ka hlooho.
E bine ka mantsoe u tsamaisana le ’mino oa piano. Etsa sena ho fihlela u e tseba hantle.
Ithuteng lipina tse ncha ka makhetlo a seng makae nakong ea Borapeli ba Lelapa ho fihlela le li tseba.
5 Likhoeling tse tlang ha pina e ncha e le eona e koalang Seboka sa Tšebeletso, phutheho e tla mamela ’mino oa piano hanngoe. Ka mor’a moo, bamameli ba tla bina le ’mino oa piano joalokaha ho tloaelehile.
6 Ha e le hantle, ha re bina libokeng tsa rōna, re thabela ho rorisa Jehova ka mantsoe a rōna re momahane. Kahoo, ha rea lokela ho itloaetsa hore ha sebui se re ho tla binoa pina e itseng ebe re tsoa ho sa hlokahale.
7 Ho boetse ho na le tsela e ’ngoe eo ka eona re ka bontšang hore re hlile re ananela ’mino oa rōna o halalelang. Likopanong tse khōlō le tse nyenyane ho bapaloa ’mino oa selelekela pele lenaneo ka leng le qala. Habeli ka selemo, bara le barali babo rōna ba itetseng ba tsoang libakeng tse fapa-fapaneng tsa lefatše ba sebelisa lichelete tsa bona ho ea Patterson e New York, e le hore ba ka hatisa ’mino o monate bakeng sa borapeli ba rōna. Kahoo, ha molula-setulo a re kōpa hore re lule fatše ’me re mamele ’mino oo sehlopha sa ’mino oa liletsa se re lokiselitseng ona, re lokela ho etsa joalo. Ho etsa seo ho tla re thusa ho lokisa lipelo tsa rōna hore li mamele boitsebiso bo tla latela.—Esdr. 7:10.
8 Kajeno re tla koala seboka sa rōna ka pina e ncha e nang le sehlooho se reng, “The Kingdom Is in Place—Let It Come!” Pina ena e ileng ea lokolloa sebokeng sa selemo le selemo, e ile ea qaptjoa ka ho khetheha ho tšoaea sehopotso sa lilemo tse 100 tsa ho thehoa ha ’Muso.
9 Ruri lipina tse ncha ke “lintho tse molemo” tse tsoang ho Jehova. (Mat. 12:35a) A re ikemisetseng ho ithuta lipina tsena tse ncha ’me re li bine ho tsoa pelong, re fe Molimo oa rōna tlotla le thoriso e mo tšoanelang!—Pes. 147:1.