Arolela ba Bang “Lintho Tse Molemo” ka ho Bontša Kamohelo e Mofuthu ea Baeti (Mat. 12:35a)
Ntle ho pelaelo, bohle re batla ho arolelana “lintho tse molemo” le ba bang ka ho latela “mokhoa oa ho amohela baeti.” (Bar. 12:13) Baholo ba ’nile ba laeloa hore ba nke ketello-pele ka ho koahela litšenyehelo tsa libui tsa baeti ba be ba ithaopele ho ba lokisetsa lijo. Leha ho le joalo, rōna ka bomong re ka ’na ra tsilatsila ho amohela baeti hobane feela re se na letho kapa re ka ’na ra tšaba ho memela batho malapeng a rōna. Ha re nka ka botebo keletso eo Jesu a ileng a e fa Maretha re ka hlōla maikutlo ao. (Luka 10:39-42) O ile a totobatsa hore “karolo e ntle” ea ho amohela baeti ke ho thabela botsoalle le ho khothatsana, eseng lijo tse ngata kapa ho khabisa ntlo ka tsela e ntle ka ho fetisisa. Ha re sebelisa keletso ena, kaofela re ka arolelana “lintho tse molemo” le barab’abo rōna tumellanong le Lentsoe la Molimo.—3 Joh. 5-8.