Qala Moqoqo ka Bukana ea “Selelekela sa Lentsoe la Molimo”
1. Ke bukana efe e ncha eo re ka e sebelisang tšimong?
1 Karolo e qalang ea Phetolelo ea Lefatše le Lecha (ea Senyesemane) e ntlafalitsoeng e na le sehlooho se reng “An Introduction to God’s Word.” Boitsebiso ba karolo eo bo boetse bo hlaha bukaneng e ncha e nang le sehlooho se reng, Selelekela sa Lentsoe la Molimo. Re ka sebelisa bukana ee e ncha joang ha re lokisetsa seo re tla se bua le batho tšimong? Re ka e sebelisa hamolemo ho qala moqoqo hobane tlas’a lihlooho tse fapa-fapaneng tsa Bibele ho thathamisitsoe litemana joaloka bukeng ea Ho Bea Mabaka.
2. Re ka sebelisa “Selelekela sa Lentsoe la Molimo” joang tšimong?
2 U ka ’na ua botsa potso ea 8 ebe u re: “Re ntse re etela batho sebakeng sena ka nako e khutšoanyane hobane batho ba bangata baa ipotsa: ‘Na ke Molimo ea etsang hore batho ba utloe bohloko?’ [Libakeng tse ling ho bontša mong’a ntlo potso ka ho toba ho molemo le ho feta.] Uena u re’ng ka taba ee? [Emela karabo.] Bibele e araba potso eo ka tsela e khotsofatsang.” Bala temana e le ’ngoe kapa tse ’maloa tse hlahang sehloohong seo ka ho toba Bibeleng ’me le buisane ka tsona. Haeba mong’a ntlo a bonahala a thahasella molaetsa, u ka ’na ua mo bontša lipotso tse 20 tse thathamisitsoeng selelekeleng ’me u kōpe hore a ikhethele e le ’ngoe eo le tla buisana ka eona nakong e tlang. Kapa u ka ’na ua mo fa e ’ngoe ea lingoliloeng tseo re ithutang Bibele le batho ka tsona tse nang le boitsebiso bo eketsehileng bo mabapi le taba eo le qetang ho buisana ka eona.
3. Re ka sebelisa “Selelekela sa Lentsoe la Molimo” joang ho qala moqoqo libakeng tseo batho ba moo e seng Bakreste?
3 Potso ea 4 le ea 13 ho ea ho ea 17 li ka re thusa haholo ha re paka libakeng tseo batho ba moo e seng Bakreste. Ka mohlala u ka ’na ua sebelisa boitsebiso bo hlahang potsong ea 17 ebe u re: “Re ntse re etela batho ka nako e khutšoanyane re buisana le bona ka taba ea bohlokoa e amang malapa. Na u ka lumela hore malapa a na le mathata a mangata kajeno? [Emela karabo.] Banyalani ba bangata ba thusitsoe ke keletso ena e bohlale: “Mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng ho monna oa hae.” [Ha ho hlokahale hore u bolele hore mantsoe ao a hlaha ho Baefese 5:33. Haeba u bua le mosali, u ka ’na ua pheta se hlahang ho Baefese 5:28.] Haeba batho ba ne ba ka sebelisa keletso eo manyalong a bona, na u nahana hore e ne e tla ba tsoela molemo?”
4. U ka ’na ua etsa’ng ha u phethela moqoqo oa hao le motho eo e seng Mokreste?
4 Ha u phethela moqoqo oa hao, etsa litokisetso tsa ho tsoela pele ka puisano ea lōna nakong e tlang. Mohlomong u ka lokisetsa hore le tl’o buisana ka lengolo le le leng ho a hlahang potsong eo le buisaneng ka eona. Ka nako e loketseng, bolella mong’a ntlo hore lintho tse bohlale tseo u ntseng u mo qoqela tsona li tsoa Bibeleng. Ho itšetlehile ka puisano ea hao le eena ea nakong e fetileng le maikutlo a hae ka Bibele, mo fe sengoliloeng seo u nahanang hore o tla se thabela.—Sheba kenyelletso e hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea December 2013.