MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESDRASE 6-10
Jehova o Rata Batho ba mo Sebeletsang ka Boitelo
Esdrase o ile a lokisetsa ho khutlela Jerusalema
Morena Artaxerxese o ile a lumella Esdrase hore a khutlele Jerusalema e le hore a il’o tsosolosa borapeli ba ’nete
Morena o ile a fa Esdrase ‘sohle seo a ileng a se kōpa’ e le hore a il’o tsosolosa ntlo ea Jehova. O ile a mo fa gauta, silevera, koro, veine, oli le letsoai tseo hona joale e neng e ka ba R1 260 000 000
Esdrase o ne a tšepile hore Jehova o tla sireletsa bahlanka ba hae
Ho khutlela Jerusalema ho ne ho le boima
Tsela e khutlelang Jerusalema e ne e le bolele ba lik’hilomithara tse 1 600 ’me e le kotsi
Ba tsamaile likhoeli tse ka bang ’nè
Batho ba neng ba khutlela Jerusalema ba ne ba lokela ho ba le tumelo, ba chesehele borapeli ba ’nete ’me ba be sebete
ESDRASE O ILE A TSAMAEA A NKILE . . .
Gauta le silevera tse boima ba litalenta tse 750 kapa boima ba litlou tse tharo tse khōlō!
MATHATA AO BA ILENG BA E-BA LE ’ONA TSELENG . . .
Mabotho a neng a ba hlasela, ba ile ba tsamaea lehoatateng, liphoofolo tse hlaha