Baralib’abo rōna ba tsamaisa bukana ea Mamela Molimo Indonesia
Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
TSOHA!
Potso: Ke kōpa ho u fa makasine ena e ncha ea Tsoha! U ka araba potso e hlahang leqepheng la 2 joang?
Lengolo: Lipr 24:10
Buella Sengoliloeng: Sehloohong sena ho tšohloa litemana tse ling tse tšoanang le ena.
TSOHA!
Potso: Na hase ’nete hore ho khetha metsoalle ea ’nete ho na le molemo?
Lengolo: Lipr 13:20
Buella Sengoliloeng: Tsoha! ena e fana ka litlhahiso tse ka re thusang ho khetha metsoalle ea ’nete. [Mo bontše sehlooho se leqepheng la 10-11.]
MAMELA MOLIMO
Potso: Na u ka rata ho phela lefatšeng le tjee? [Mo bontše leqephe la 2-3, ebe u emela karabo.]
Lengolo: Jer 29:11
Buella Sengoliloeng: Bukana ena e bontša hore na re ka mamela Molimo joang e le hore re fumane bokamoso boo a re lokiselitseng bona. [Hlahloba leqephe la 4-5.]
NGOLA SEO U TLA SE BUA
Sebelisa mehlala ena ha u ngola seo u tla se bua le batho tšimong.