Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 3 leq. 7
  • Na Lentsoe la Molimo le Fetotsoe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na Lentsoe la Molimo le Fetotsoe?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RE KA KHOLISEHA JOANG HORE MANGOLO A HALALELANG A NTSE A TŠOERE MOLAETSA OA MOLIMO OA QALONG?
  • Na Bibele e Fetotsoe kapa e Ekelitsoe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • A3 Bibele e Fihlile Joang ho Rona?
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Na re Hlile re Hloka Lingoliloeng Tsa Pele-pele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Buka ee e Ile ea Phonyoha Joang?
    Buka ea Batho Bohle
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 3 leq. 7
Setšoantšo se ka holimo se bontša Sekhechana sa lengolo la Esaia se tsoang Meqolong ea Leoatle le Shoeleng, ha ka tlaase e le setšoantšo sa phetolelo ea mehleng ena ea Esaia ka Searabia.

Setšoantšo se ka holimo se bontša Sekhechana sa lengolo la Esaia se tsoang Meqolong ea Leoatle le Shoeleng, ha ka tlaase e le setšoantšo sa phetolelo ea mehleng ena ea Esaia ka Searabia. Lentsoe la Molimo haesale le bolokiloe ’me ha lea fetoha

Na Lentsoe la Molimo le Fetotsoe?

Batho ba bang baa ipotsa hore na ebe lentsoe la Molimo le ngotsoeng ha lea fetoloa. Moprofeta Esaia o ile a re Lentsoe la Molimo le “tšoarella ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Esaia 40:8) Re ka kholiseha joang hore lentsoe la Molimo le ntse le tšoana le ha le ne le ngoloa qalong.

Molimo o na le matla a ho etsa hore Lentsoe la hae le bolokehe le hore le se ke la fetoloa. Mehleng ea pele, batho ba neng ba kopitsa Lentsoe la Molimo ka letsoho, ba ne ba bala tlhaku e ’ngoe le e ’ngoe ea Mangolo a Halalelang ho etsa bonnete ba hore ha ho na ntho eo ba ikenyelitseng eona, eo ba e fetotseng kapa eo ba e siileng. Leha ho le joalo, batho ha baa phethahala ’me bakopitsi ba bang ba ile ba etsa liphoso tse seng kae.

RE KA KHOLISEHA JOANG HORE MANGOLO A HALALELANG A NTSE A TŠOERE MOLAETSA OA MOLIMO OA QALONG?

Ho na le likopi tse baloang ka liketse tsa meqolo ea Mangolo a Halalelang a mehleng ea khale. Ha ho bapisoa likopi tsena tse fapaneng, ho bonolo ho bona moo liphoso li leng teng.​—Ho ithuta ka ho eketsehileng, bala sehlooho se reng “Na Bibele e Fetotsoe kapa e Ekelitsoe?” se fumanehang ho jw.org/st.

Nahana ka mohlala ona: ho na le Meqolo ea Leoatle le Shoeleng e ileng ea fumanoa ka mahaheng ke Mabedouin pel’a leoatle le shoeleng ka 1947. Lingoloa tsena tsa khale li ne li e-na le likarolo tsa Mangolo a Halalelang ao ho bonahalang hore a ile a ngoloa lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Litsebi li ile tsa bapisa meqolo ena le Mangolo a Halalelang ao re nang le ona matsatsing ana. Li ile tsa fumana’ng?

Ka mor’a hore litsebi tsena li hlahlobe meqolo ena ka hloko, li ile tsa fumana hore Lentsoe la Molimo leo re nang le lona kajeno le tšoana le le meqolong ena ea khale e ngotsoeng ka letsoho.a Re ka kholiseha hore Molimo o entse hore Mangolo a hae a Halalelang a lule a bolokehile a sa fetoloa ho fihlela mehleng ena.

Kahoo re ka bala Lentsoe la Molimo re kholisehile hore le nepahetse. Re nahanne ka taba ena, sehloohong se latelang re tla bona hore na re ka ithuta’ng ka Molimo ho baprofeta ba hae.

a Setšoantšo sa Meqolo ea leoatle le shoeleng ka Senyesemane, se nkiloeng ke Geza Vermes, leqepheng la 16.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela