Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 3 leq. 10
  • Lula U Rapella Hore Molimo a U Amohele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lula U Rapella Hore Molimo a U Amohele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • RAPELA KA BOIKOKOBETSO HO TSOA BOTEBONG BA PELO
  • BITSA MOLIMO KA LEBITSO LA HAE
  • U KA RAPELA KA PUO EA HENO
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Mpho eo Jehova a re Fileng Eona
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Thapelo e ka U Thusa ho ba Motsoalle oa Molimo
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Atamela Haufi le Molimo ka Thapelo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 3 leq. 10
Monna oa Bochabela bo Hare oa rapela.

Molimo “Ea Utloang thapelo,” o thabela ho mamela lithapelo tsa rona.​—PESALEME EA 65:2.

Lula U Rapella Hore Molimo a U Amohele

Molimo o file batho mpho ea bohlokoa ea thapelo ’me e ba thusa hore ba khone ho bua le eena le hore ba mo hlalosetse maikutlo a bona. Moprofeta Davida o ile a rapela a re: “Uena Ea Utloang thapelo, batho ba nama eohle ba tla tla ho uena.” (Pesaleme ea 65:2) Empa re lokela ho rapela joang e le hore Molimo a re utloe a be a re hlohonolofatse?

RAPELA KA BOIKOKOBETSO HO TSOA BOTEBONG BA PELO

Ha u rapela, u ka khona ho tšollela pelo ea hao ho Molimo, u mo bolelle maikutlo a hao. (Pesaleme ea 62:8) Ea Matla ’ohle o rata ha re etsa lithapelo tse tsoang pelong.

BITSA MOLIMO KA LEBITSO LA HAE

Ke ’nete hore Molimo o na le litlotla tse ngata empa o na le lebitso le le leng feela. O ile a re: “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka.” (Esaia 42:8) Lebitso lena le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 ka mangolong a halalelang. Baprofeta ba bangata ba ile ba bitsa Molimo ka lebitso la hae ha ba ne ba rapela. Abrahama o ile a re: “Ka kopo, . . . Jehova . . . e-re ke tsoele pele ho bua.” (Genese 18:​30) Le rona re lokela ho sebelisa lebitso la Molimo e leng Jehova ha re rapela.

U KA RAPELA KA PUO EA HENO

Molimo oa utloisisa hore na re ikutloa joang le hore na re nahana eng ho sa tsotellehe hore na re mo rapela ka puo efe. Lentsoe la hae le re tiisetsa sena: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”​—Liketso 10:​34, 35.

Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ling tseo re lokelang ho li etsa e le hore Molimo a re hlohonolofatse. Sehloohong se latelang re tla hlahloba hore na ke’ng eo re lokelang ho e etsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela