Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 3 leq. 11
  • Batho ba Mamelang Molimo ba Fumana Litlhohonolofatso Life?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batho ba Mamelang Molimo ba Fumana Litlhohonolofatso Life?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1. HO MAMELA MOLIMO HO TLA RE THUSA HO ETSA LIQETO TSE BOHLALE
  • 2. HA RE MAMELA MOLIMO RE TLA THABA
  • “Se Boleloang ke Lerato la Molimo ke Sena”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Na u “Itokiselitse ho Mamela”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Jehova o Batla Eng ho Rōna?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • “Na ke Sebakeng sa Molimo?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 3 leq. 11
Lelapa le thabileng le qeta nako le le ’moho. ’Mè o ntse a pheha le e mong oa barali ba hae ka kichineng. Ntate o shebile lifoto li morali oa hae e mong.

Re ka thaba e le kannete hafeela re mamela melao ea Molimo

Batho ba Mamelang Molimo ba Fumana Litlhohonolofatso Life?

Moprofeta Moshe o ile a re haeba re mamela melao ea Molimo re tla hlohonolofatsoa. (Deuteronoma 10:​13; 11:​27) Ha re mamele melao ea Molimo hobane re tšaba hore o tla re otla. Makhabane a hae ke ’ona a re susumetsang hore re mo mamele hobane re mo rata le hobane re sa batle ho mo koatisa. “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.”​—1 Johanne 5:3.

Empa ke joang ho mamela Molimo ho re tlisetsang litlhohonolofatso? Nahana ka litsela tsena tse peli.

1. HO MAMELA MOLIMO HO TLA RE THUSA HO ETSA LIQETO TSE BOHLALE

“ ’Na, Jehova, ke Molimo oa hao, ke ’na Ea u rutang hore u itsoele molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ka eona.”​—ESAIA 48:17.

’Mopi oa rona Jehova o re tseba hantle ’me o re fa tataiso eo re e hlokang. Haeba re batla hore lintho tseo a re rutang tsona li re thuse ho etsa liqeto tse bohlale, re lokela ho ithuta ka Mangolong a Halalelang seo Molimo a batlang hore re se etse, ebe rea se etsa.

2. HA RE MAMELA MOLIMO RE TLA THABA

“Ho thaba ba utloang lentsoe la Molimo ’me ba le boloka!”​—LUKA 11:28.

Ho na le batho ba limilione ba mamelang lentsoe la Molimo ’me ba thabile e le kannete. Ka mohlala, ho na le monna ea lulang Spain eo e neng e le sefela-peloana ’me o ne a tšoara batho ba bang hampe ho akarelletsa le mosali oa hae. Ka le leng ha a ntse a bala mangolo a moprofeta Moshe o ile a bona kamoo Josefa mora oa Jakobo a neng a le bonolo kateng. Josefa o ile a rekisoa eaba e-eba lekhoba, hamorao a etselletsoa ’me a kenngoa teronkong. Leha ho le joalo o ile a lula a ntse a le bonolo, a e-na le khotso ebile a khona ho tšoarela. (Genese, Khaolo ea 37-45) Monna enoa oa Spain o re: “Ha ke nahana ka mohlala oa Josefa ke ile ka bona hore ke lokela ho ba motho ea bonolo, ea mosa le ea khonang ho ithiba. Ka lebaka leo ke se ke le motho ea thabileng.”

Mangolo a halalelang aa re tataisa hore na re lokela ho tšoara batho ba bang joang. Taba ena e tla tšohloa haholoanyane sehloohong se latelang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela