Mehlala ea Seo U ka se Buang le Batho
MOLULA-QHOOA
Potso: Batho ba bang ba lumela hore Bibele e siiloe ke nako, ha ba bang bona ba lumela hore e ntse e ka re tsoela molemo. Ebe uena u nahana joang ka eona?
Lengolo: 2Ti 3:16, 17
Buella Sengoloa: Makasineng ena ea Molula-Qhooa ho na le mehlala ea kamoo Bibele e ileng ea thusa batho ba bang le kamoo e ka re thusang hona joale.
RUTA MOLAETSA OA BIBELE
Potso: Na bofelo ba lefatše bo haufi?
Molaetsa oa Bibele: Boprofeta ba Bibele bo bontša hore re phela mehleng ea bofelo. Litaba tsena lia thabisa hobane li bontša hore re tla phela hamonate haufinyane.
NA LINTHO TSE PHELANG LI BŌPILOE?
Potso: U bona eka ke taba efe e utloahalang ho tsee: ho lumela hore Molimo o bopile lintho kapa hore lintho li itlhahisitse?
Buella Sengoloa: Bukaneng ena, ho na le bopaki bo thusitseng batho ba bangata ho lumela hore ho na le ’Mopi ea bohlale. Nka thabela ho khutla re tlo buisana ka potso e leqepheng la 29: “Na ho na le taba hore na u lumela eng?”
NGOLA SEO U TLA SE BUA
Sebelisa mehlala ena ha u ngola seo u tla se bua le batho tšimong.