MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | ESAIA 34-37
Ezekiase o Ile a Putsoa ka Lebaka la Tumelo ea Hae
Morena Sankeribe oa Assyria o ile a romela Rabshake Jerusalema hore a re batho ba motse oo ba inehele. Baassyria ba ile ba leka ka litsela tse ngata ho etsa hore Bajuda ba inehele ba sa loana.
Ho ikhetholla. Baegepeta ba ke ke ba khona ho le thusa.—Esa 36:6
Ho belaela. Jehova a ke ke a le loanela hobane le mo koatisitse.—Esa 36:7, 10
Ho tšosoa. Le ke ke la hlola Baassyria hobane ba matla.—Esa 36:8, 9
Ho ba leka. Ha le ka inehela ho Baassyria bophelo ba lona bo tla ntlafala.—Esa 36:16, 17
Ezekiase o ile a bontša tumelo e matla ho Jehova
O ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho thusa motse nakong eo o neng o tla thibelloa
O ile a rapela Jehova hore a ba pholose a ba a khothalletsa le batho ho etsa se tšoanang
Jehova o ile a mo hlohonolofatsa ka ho romella lengeloi le ileng la bolaea masole a Assyria a 185 000 ka bosiu bo le bong