Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • wp20 no. 3 maq. 4-5
  • ’Mopi oa Rona ea Lerato oa re Tsotella

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ’Mopi oa Rona ea Lerato oa re Tsotella
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • 1. ’MOPI OA RONA O RE CHABISETSA LETSATSI
  • 2. ’MOPI OA RONA O RE NESETSA PULA
  • 3. ’MOPI OA RONA O RE FA LIJO LE LIAPARO
  • Ananela Pula
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Le Batle ’Muso oa Molimo Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Ithute Seo ’Mōpi oa hao a Leng Sona
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ea Entseng Lintho Tsohle
    Ithute ho Mosuoe e Moholo
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
wp20 no. 3 maq. 4-5
Letsatsi lea chaba.

’Mopi oa Rona ea Lerato oa re Tsotella

1. ’MOPI OA RONA O RE CHABISETSA LETSATSI

U nahana lefatše le ka be le le joang haeba letsatsi le ne le sa chabe? Letsatsi le fana ka matla a thusang lifate hore li khone ho etsa makhasi, lipalesa, litholoana, makotomane le peo. Le boetse le thusa lifate hore li khone ho monya metsi mobung ka methapo e le hore a tle a fihle makhasing ebe a tsoela moeeng e se e le mouane.

Masimo a tee a tlokomang.

2. ’MOPI OA RONA O RE NESETSA PULA

Pula ke mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo e thusang lefatše hore le re hlahisetse lijo. Molimo o re nesetsa pula ho tloha leholimong hape o re fa linako tsa selemo, e le hore re be le lijo le hore lipelo tsa rona li hlasimolohe.

Nonyana e lutse lekaleng e nanabela ’morobei o oelang.

3. ’MOPI OA RONA O RE FA LIJO LE LIAPARO

Bo-ntate ba bangata ba ngongoreha ka hore na ba tla khona ho fa ba malapa a bona lijo le liaparo tse lekaneng. Hlokomela seo Mangolo a se buang. A re: “Talimang linonyana tsa leholimo ka hloko, hobane ha li jale peo leha e le ho kotula kapa ho bokellela matlong a polokelo, ho ntse ho le joalo Ntat’a lona oa leholimo oa li fepa. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?”​—Matheu 6:​25, 26.

“Ithuteng ka likhahla tsa naha, kamoo li holang kateng . . . , empa ke re ho lona esita le Solomone khanyeng eohle ea hae ha aa ka a apara joaloka e ’ngoe ea tsena. Joale, haeba Molimo a apesa limela tsa naha joalo . . . na ho e-na le hoo a ke ke a le apesa?”​—Matheu 6:​28-30.

Haeba Molimo a ka khona ho re fa lijo le liaparo, ho hlakile hore a ka khona ho re thusa ho fumana lintho tseo re li hlokang letsatsi le letsatsi. Haeba re leka ho etsa lintho tseo a li ratang, a ka re hlohonolofatsa temong kapa a re thuse ho fumana mosebetsi o tla re thusa hore re reke lintho tseo re li hlokang.​—Matheu 6:​32, 33.

Kannete re na le mabaka a mangata a ho rata Jehova ha re sheba letsatsi, pula, linonyana le lipalesa. Sehlooho se latelang se tla hlalosa hore na ’Mopi oa rona o buile le batho joang.

’Mopi oa rona ‘o chabisa letsatsi la hae, ’me o nesa pula.’​—MATHEU 5:45

’Mopi oa rona o re rata haholo ebile oa re tsotella. Feela joaloka ntate ea lerato, o hlokomela lelapa la hae. Mangolo a halalelang a re Molimo o seatla se bulehileng ’me ‘oa tseba hore na ke lintho life tseo u li hlokang le pele u mo kopa.’​—Matheu 6:8.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela