PHELA JOALOKA MOKRESTE
Leka ka Matla Hore U be Sebete
KE HOBANE’NG HA E LE SA BOHLOKOA:
Motho o lokela ho ba sebete e le hore a bolele litaba tse molemo.—Lik. 5:27-29, 41, 42
Re hloka ho ba sebete e le hore re pholohe matšoenyeho a maholo.—Mat. 24:15-21
Re ka ba le mathata haeba re lula re tšohile.—Jer. 38:17-20; 39:4-7
NKA ETSA’NG HORE KE BE SEBETE?:
Ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li etselitseng batho ba bang.—Ex 14:13
Ho kopa hore Jehova a mphe sebete.—Lik. 4:29, 31
Ho tšepa Jehova.—Pes. 118:6
SHEBELLA VIDEO EA QOBA LINTHO TSE KA ETSANG HORE U SE KE OA TŠEPAHALA—HO TŠABA BATHO, KA MOR’A MOO, U ARABE LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobane’ng ha re hloka sebete hore re bolele litaba tse molemo?
Liproverbia 29:25 e bua ka eng?
Ke hobane’ng ha re hloka sebete sa ho sebeletsa Molimo?