MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | MATHEU 12–13
Papiso ea Koro le Mofoka
Jesu o ile a sebelisa papiso ea koro le mofoka ho bontša hore na ke joang le hore na ke neng a tlang ho khetha koro, e leng sehlopha sa Bakreste ba tlotsitsoeng ho qala ka selemo sa 33.
‘Sehoai se ile sa jala peo e ntle tšimong ea sona’
Sehoai: Jesu Kreste
Peo e ntle ea jaloa: Barutuoa ba Jesu Kreste ba tlotsoa ka moea o halalelang
Tšimo: Batho
“Ha batho ba ntse ba robetse, sera sa hae sa tla ’me sa jalella mofoka har’a koro, ’me sa tloha.”
Sera: Diabolose
Ha batho ba ntse ba robetse: Ho shoa ha baapostola
“Li tloheleng li hōle hammoho ho fihlela ha ho kotuloa”
Koro: Bakreste ba tlotsitsoeng
Mofoka: Bakreste ba bohata
“Pele bokellang mofoka. . . ; joale le e’o bokellela koro”
Makhoba kapa bakotuli: Mangeloi
Mofoka oa bokelloa: Bakreste ba bohata ba aroloa ho Bakreste ba tlotsitsoeng
Ba bokelloa ka tlung ea polokelo: Bakreste ba tlotsitsoeng ba bokelloa phuthehong e tsosolositsoeng
Ha nako ea kotulo e qala, ke eng e ileng ea khetholla Bakreste ba ’nete ho ba bohata?
Ke rua molemo joang ka ho utloisisa papiso ee?