PHELA JOALOKA MOKRESTE
Bakreste ba ’Nete ba Tsebahala ka Lerato—Lerato le Thabela ’Nete
KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA: E le hore re etsise Jesu, re lokela ho pakela ’nete mabapi le merero ea Molimo. (Joh 18:37) Re lokela ho thabela ’nete, re bue ka eona hape re hlahlobe lintho leha e le life tsa ’nete, le hoja re phela lefatšeng le tletseng leshano le ho se loke.—1Ko 13:6; Fil 4:8.
KAMOO RE KA HO ETSANG KATENG:
Ikemisetse hore u se ke oa mamela lesebo le kotsi kapa oa le jala.—1Th 4:11
U se ke oa thabela mathata a motho e mong
Thabela lintho tse nepahetseng kapa tse khothatsang
SHEBELLANG VIDEO E RENG “EBANG LE LERATO HAR’A LONA”—LE SE KE LA THABELA HO SE LOKE EMPA LE THABELE ’NETE. EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke ka kutloisiso efe Tšepang a ileng a “thabela lintho tse sa lokang”?
Neo o ile a etsa joang hore moqoqo oa hae le Tšepang e be o hahang?
Ke lintho life tse hahang tseo re ka buisanang ka tsona?
Thabela ’nete eseng lintho tse sa lokang