MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIKETSO 23-24
A Qosoa ka ho ba Kotsi le ho Hlohlelletsa Bofetoheli
23:12, 16; 24:2, 5, 6, 10-21
Bajuda ba lulang Jerusalema ba ile “ba itlama ka bomalimabe” ka hore ba tla bolaea Pauluse. (Lik 23:12) Leha ho le joalo, e ne e le thato ea Jehova hore Pauluse a eo bolela litaba tse molemo Roma. (Lik 23:11) Mochana oa Pauluse o ile a utloela ka morero oo oa ho batla ho bolaea Pauluse, eaba oa mo bolella e le ho mo qobisa hore a se ke a bolaoa. (Lik 23:16) Tlaleho ee e u ruta’ng ka . . .
se etsahalang ha batho ba leka ho nyopisa merero ea Molimo?
litsela kapa mekhoa eo Molimo a ka e sebelisang ho re thusa?
ho ba sebete?