Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb19 October leq. 7
  • U Nka Lentsoe la Molimo e le la Bohlokoa Hakae?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Nka Lentsoe la Molimo e le la Bohlokoa Hakae?
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba ile ba Ananela Phetolelo ea Bibele ea William Tyndale
    Lihlooho Tse Ling
  • William Tyndale—Monna ea Neng a E-na le Ponelo-pele
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Bibele ea William Tyndale bakeng sa Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Karolo 2—Kamoo Bibele e Tlileng ho Rōna Kateng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2019
mwb19 October leq. 7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

U Nka Lentsoe la Molimo e le la Bohlokoa Hakae?

Bibele e na le litaelo le mehopolo ea Jehova Molimo e leng eena mongoli oa buka ena e halalelang. (2Pe 1:​20, 21) Bibele e tšepisa hore batho ba tla phela hamonate hobane e hlakisa taba ea hore ho tla tlosoa qoso bobusing ba Jehova. Bibele e boetse e senola makhabane a ratehang ao Ntate oa rona ea leholimong a nang le ’ona.​—Pes 86:15.

Motho e mong le e mong o na le lebaka la hae la hore a nke lentsoe la Molimo e le la bohlokoa. Empa, na rea bontša hore re le nka e le mpho ea bohlokoa ka hore re le bale letsatsi le leng le le leng re be re sebelise seo re ithutileng sona? E se eka liketso tsa rona li ka bontša hore re ikutloa joaloka mopesaleme ha a re: “Molao oa hao ke o rata hakaakang!”​—Pes 119:97.

SHEBELLANG KAROLOANA EA VIDEO EA BA NE BA NKA LENTSOE LA MOLIMO E LE LA BOHLOKOA (WILLIAM TYNDALE), EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • William Tyndale; William Tyndale o moo a hatisang libuka teng; Kopi ea khatiso ea pele ea Tesamente e ncha ea Bibele ea Tyndale

    Ke hobane’ng ha William Tyndale a ile a fetolela likarolo tse ling tsa Bibele?

  • Ke hobane’ng ha matsapa ’ohle ao aa nkileng ho fetolela Bibele e le a ikhethang?

  • Likopi tsa Bibele eo Tyndale a e fetoletseng li ile tsa ea Engelane joang ka sekhukhu?

  • Re ka bontša joang hore re nka Lentsoe la Molimo e le la bohlokoa?

SEO U KA NAHANANG KA SONA: Ke joang Lentsoe la Molimo le tšoanang le . . . 

  • lebone le leseli?​—Pes 119:105

  • metsi?​—Ef 5:26

  • sabole?​—Ef 6:17

  • seipone?​—Jak 1:​23-25

BALA BIBELE LETSATSI LE LENG LE LE LENG

Kemiso ea ho bala Bibele

Na u kile leka ho sebelisa Kemiso ea ho Bala Bibele e ho jw.org/st? Kemiso eo e tla u lebisa ho jw.org/st ebe e hlahisa temana eo u batlang ho e bala. Haeba puo ea heno e na le Bibele e rekotiloeng, u ka e fumana hona moo websaeteng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela