MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 3-5
Liphello Tse Bohloko Tse Bakiloeng ke Leshano la Pele
Haesale Satane a khelosa batho ho tloha ka mor’a hore a bue leshano ho Eva. (Tše 12:9) Mashano a latelang a qapiloeng ke Satane, a thibela batho ho atamela haufi le Jehova joang?
Ha ho na Molimo ea matla ’ohle
Molimo ke boraro-bo-teroneng
Molimo haa na lebitso
Molimo o chesa batho ka ho sa feleng mollong oa lihele
Lintho tsohle tse etsahalang ke thato ea Molimo
Molimo haa re tsotelle
Mashano ao Satane aa buang ka Molimo, a etsa hore u ikutloe joang?
U ka etsa’ng ho sireletsa lebitso la Molimo?