MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 9-11
“Lefatše Lohle la Tsoela Pele le e-na le Puo e le ’Ngoe”
Jehova o ile a qhalakanya batho ba sa mo mameleng Babele ka ho ferekanya puo ea bona. Mehleng ena o kopanya bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le malemeng ’ohle ’me o ba fa ‘puo e hloekileng’ e le hore ba ka ‘ipiletsa lebitsong la hae le hore ba mo sebeletse ka mahetla a bapileng.’ (Sof 3:9; Tše 7:9) ‘Puo e hloekileng’ ke ’nete ka Jehova le ka merero ea hae e hlahang ka mangolong.
Ho ithuta puo e ncha ha se taba feela ea ho tšoara mantsoe a macha ka hlooho empa u hloka ho ithuta mokhoa o mocha oa ho nahana. Ka tsela e tšoanang, ha re ithuta puo e hloekileng ea ’nete, likelello tsa rona lia fetoha. (Bar 12:2) Ho ithuta puo e hloekileng ke ntho e tsoelang pele e etsang hore batho ba Molimo ba momahane.—1Ko 1:10.