MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 12-14
Selekane se U Amang
Jehova o ile a etsa selekane le Abrahama ’me ke sona seo ka molao se ileng sa etsa hore ho be bonolo hore Jesu le babusi-’moho le eena ba buse lefatše ba le leholimong
Selekane seo se qalile ho sebetsa ka selemo sa 1943 pele ho mehla ea Jesu, ha Abrahama a tšela noka ea Eufrate a e-ea Kanana
Selekane seo se tla fela ha ’Muso oa Bomesia o se o felisitse lira tsa tsohle tsa Molimo ’me o se o tliselitse batho litlhohonolofatso tse ngata lefatšeng
Jehova o ile a hlohonolofatsa Abrahama hobane o ne a e-na le tumelo e matla. Haeba re e-na le tumelo e matla litšepisong tsa Jehova, ke litlhohonolofatso life tseo re tla li fumana ka lebaka la selekane sa Abrahama?