Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 February leq. 3
  • Re ka Ithuta’ng Lipineng Tse sa Hlaheng ka Libukeng Tsa Rona Tsa Lipina?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Re ka Ithuta’ng Lipineng Tse sa Hlaheng ka Libukeng Tsa Rona Tsa Lipina?
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thabela ho Rorisa Jehova ka ho Bina
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Lipina Tsa ’Muso li re Tsosa Molota
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Lintho Tse ka u Thusang ha u Ithuta
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Na Lerato le Joalokaha le le Lipineng Tsa Lerato?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 February leq. 3
Bara le barali babo rona baa bina.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Re ka Ithuta’ng Lipineng Tse sa Hlaheng ka Libukeng Tsa Rona Tsa Lipina?

Ke lipina life tse sa hlaheng ka libukeng tsa rona tsa lipina tseo u li ratang? Ke hobane’ng ha u li rata? Na u ee u hlokomele hore livideo tsa lipina tseo li hlahisa lintho tse etsahalang bophelong? Lipina tsa rona li etselitsoe motho e mong le e mong hobane li na le lihlooho tse fapaneng le merethetho e sa tšoaneng. Lipina tsena ha lia etsetsoa feela hore re ithabise ka tsona.

Pina e ’ngoe le e ’ngoe e na le lithuto tsa bohlokoa tse re thusang ho bolela litaba tse molemo le tse re thusang hore re phele ka tsela e bontšang hore re Bakreste. Lipina tse ling li bua ka ho amohela baeti, ho momahana, ho etsa metsoalle, ho ba sebete, ho ba le lerato kapa ho ba le tumelo. Tse ling tsona li bua ka ho khutlela ho Jehova, ho tšoarelana, ho lula re tšepahala le ho batla litsela tsa ho sebeletsa Jehova. Ebile ho na le pina e ’ngoe e re thusang hore na re lokela ho sebelisa lifono joang. Ke lintho life tse ling tseo u ithutileng tsona lipineng tsee?

SHEBELLANG VIDEO EA PINA EA HO HAUFI MOO RE EANG, EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke litlhohonolofatso life tseo banyalani ba holileng ba hlahileng videong ba ntseng ba nahana ka tsona?​—Gen 12:3

  • Ke joang re ka matlafatsang tumelo ea rona ea hore Jehova o khona ho phethahatsa litšepiso tsa hae?

  • Ke batho bafe bao u tla kopana le bona haufinyane?

  • Taba ea hore ’Muso oa Molimo o haufi, e re thusa joang ho mamella mathata ao re kopanang le ’ona hona joale?​—Bar 8:25

LINTHO TSEO LE KA LI ETSANG BORAPELING BA LELAPA

Shebellang livideo tsa lipina tsena ebe le arabela lipotso tse latelang: Video ee e re ruta’ng? Re ka sebelisa lintho tseo re ithutileng tsona ho eona joang?

  • U se ke oa Tšoha

  • Tšoarelanang

  • “Latelang Mokhoa oa ho Amohela Baeti”

  • Mamellang

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela