MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | GENESE 20-21
Kamehla Jehova o Phethahatsa Litšepiso Tsa Hae
Jehova o ile a hlohonolofatsa Abrahama le Sara ka ho ba fa mora hobane ba ne ba e-na le tumelo. Hamorao, ba ile ba mamela Jehova leha ba ne ba e-na le mathata hobane ba ne ba e-na le tumelo ea hore o tla phethahatsa litšepiso tseo a ba tšepisitseng tsona.
Haeba ke mamela Jehova le har’a mathata, ke bontša joang hore ke na le tumelo litšepisong tsa hae? Nka matlafatsa tumelo ea ka joang?