Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 April leq. 8
  • Ntho ea Bohlokoahali ke Efe ho ’Na?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntho ea Bohlokoahali ke Efe ho ’Na?
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha, Lulang le Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Jehova o Hlohonolofatsa Boiteko bo Tiileng Neng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Sebelisa Lipakane Tsa Moea ho Tlotlisa ’Mōpi oa Hao
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Nka Finyella Lipakane Tsa ka Joang?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 April leq. 8
Jakobo o loana le lengeloi.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Ntho ea Bohlokoahali ke Efe ho ’Na?

Jakobo o ile a loana le lengeloi e le hore a fumane ntho e ’ngoe ea bohlokoa, eleng tlhohonolofatso ea Jehova. (Gen 32:​24-31; Ho 12:​3, 4) Ho thoe’ng ka rona? Na le rona re loanela ho mamela Jehova e le hore a tl’a re hlohonolofatse? Mohlala, haeba re lokela ho khetha pakeng tsa ho ea libokeng le ho sebetsa ka mor’a lihora tsa mosebetsi re ka khetha’ng? Haeba re fa Jehova nako, matla le matlotlo a rona, o tla re hlohonolofatsa ‘ho fihlela ho se ho se letho leo re le hlokang.’ (Mal 3:​10) O tla re sireletsa, a re tataise le ho re fa lintho tseo re li hlokang.​—Mat 6:​33; Heb 13:5.

SHEBELLANG VIDEO EA LULA U AMEHILE KA HO SEBELETSA JEHOVA FEELA, EBE LE ARABELA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Morali’abo rona oa pula-maliboho o mosebetsing oa hae oa ho toloka ka puo ea matsoho.

    Morali’abo rona o ile a lekoa ke ntho eo a neng a e rata joang?

  • Eena morali’abo rona eo oa pula-maliboho o sebetsa bosiu.

    Mosebetsi oa rona e ka ba teko ho rona joang?

  • Timothea o bala moqolo.

    Le hoja Timothea a ne a le matla tumelong, ke hobane’ng ha a ne a lokela ho lula a ntlafatsa tsela eo a sebeletsang Molimo ka eona?​—1Ti 4:16

  • Baralib’abo rona ba lumelisa motho eo ba tl’o ithuta Bibele le eena.

    Ntho ea bohlokoa ke efe bophelong ba hao?

    Re ka bontša joang hore na mosebetsi oa bohlokoa bophelong ba rona ke ofe?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela