PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ikokobetse ha Batho ba u Babatsa
Ka linako tse ling, batho ba bang ba ka re rorisa kapa ba re babatsa. Taba ena e ka re khothatsa haholo haeba motho ea re babatsang a etsa joalo ka sepheo se nepahetseng. (Lipr 15:23; 31:10, 28) Empa re lokela ho ba hlokolosi hore taba eo e se ke ea etsa hore re ikhohomose.
SHEBELLANG VIDEO EA LULA U TŠEPAHALA JOALOKA JESU HA U BABATSOA EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke lintho life tseo re ka babatsoang ho tsona?
Bara babo rona ba ile ba babatsa Pule joang?
Ba ile ba mo babatsa ho feta tekano joang?
U ithuta’ng tseleng eo Pule a ileng a arabela ka boikokobetso ka eona?