Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb20 October leq. 8
  • Letšolo le Khethehileng la ho Phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka November

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Letšolo le Khethehileng la ho Phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka November
  • Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Letšolo le Khethehileng la ho Phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka September
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2023
  • Bolella Batho ba Bang Litaba Tse Monate Tsa Hore Lefatše le Lecha le Haufi
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Mehlala ea Seo u ka se Buang le Batho
    Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
  • Aba Kingdom News No. 35 ka ho Pharaletseng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
Bala Tse Ling
Bophelo le Tšebeletso ea Rōna—Kemiso ea Liboka—2020
mwb20 October leq. 8
Mora le morali oa bo rona ba qoqa le motho ha ba le literoling. Teroling ho na le Molula-qhooa oa No. 2 2020.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Letšolo le Khethehileng la ho Phatlalatsa ’Muso oa Molimo ka November

Molula-qhooa oa No. 2 2020 o nang le sehlooho se reng ‘ ’Muso oa Molimo

Jesu o ile a “bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.” (Lu 4:​43) O ile a ba a ruta batho hore ba rapelle ’Muso oa Molimo. (Mat 6:​9, 10) Ka November, re tla sebetsa ka thata e le hore re tsebise batho ka ’Muso oa Molimo. (Mat 24:​14) Lokisa maemo a hao e le hore u tle u sebetse ka matla letšolong lena. Bao e tla ba bo-pula-maliboho ba thusang ba ka khetha hore na ba tla sebetsa lihora tse 30 kapa tse 50 khoeling eo.

Balla batho ba bangata ka hohle kamoo u ka khonang lengolo le buang ka ’Muso oa Molimo. Ha u khetha lengolo, leka ho nahana ka hore na bamameli ba hao ke ba bolumeli bofe. Haeba motho e mong a thabela moqoqo oa lona ka lekhetlo la pele, mo fe Molula-qhooa oa No. 2 2020. Khutlela ho motho eo ka pele kamoo u ka khonang ebe u leka ho qala thuto ea Bibele u sebelisa sengoliloeng se hlahang tlas’a Teaching Toobox. Ho setse nako e seng kae ’me Molimo o tla tlisa ’Muso oa hae o tla felisa mebuso eohle e sa etseng thato ea hae. (Dan 2:​44; 1Ko 15:​24, 25) Ka lebaka leo, ha re nkeng monyetla ona ho bontša hore re tšepahalla Jehova le ’Muso oa hae.

Jesu o lutse teroneng leholimong, o busa lefatše nakong eo e seng e le paradeise.

’Muso oa Molimo o tla etsa hore lefatše lohle e be paradeise!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela