Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb21 May leq. 5
  • Sebelisa Mehlala ho Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Mehlala ho Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • U ka Etsa Lipapiso Joang?
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Amohela Thuso ea Jehova ea Thapelo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Sebelisa Lentsoe la Molimo
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Ka ho Botsa Lipotso
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
mwb21 May leq. 5
’Mè le morali ba shebile lipalesa le linonyana ha ba ntse ba mametse Thuto ea Jesu ea Thabeng.

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI | EKETSA THABO EA HAO BOBOLELING

Sebelisa Mehlala ho Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho

Ha re etsa maeto a ho boela kapa re ithuta Bibele le batho, re lokela ho ba thusa hore ba utloisise lintlha tsa bohlokoa. Ha re sebelisa lipapiso ho hlakisetsa batho lintlha tsa bohlokoa, ba tla ameha lipelo ba be ba nolofalloe ke ho hopola seo ba ithutileng sona.

Ha u ntse u lokisetsa leeto la ho boela kapa thuto ea Bibele, u ka khetha lintlha tsa bohlokoa tseo u batlang ho bua ka tsona. Ebe ka mor’a moo u khetha mohlala o bonolo oo batho ba ka o utloisisang. (Mat 5:​14-16; Mar 2:​21; Lu 14:​7-11) Leka ho tseba motho eo u ithutang Bibele le eena le hore na o rata ho etsa lintho life. (Lu 5:​2-11; Joh 4:​7-15) Ha u bona motho eo u ithutang le eena a thabile ka lebaka la ho utloisisa ntlha eo, le uena u tla thaba.

SHEBELLANG VIDEO EA THABELA MOSEBETSI OA HO ETSA BARUTUOA​—NTLAFATSA TSELA EO U RUTANG KA EONA​—KA HO SEBELISA MEHLALA HO HATISA LINTLHA TSA SEHLOOHO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa​—Ntlafatsa Tsela eo u Rutang ka Eona​—Ka ho Sebelisa Mehlala ho Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho.’ Lipontšo o botsa Nteboheleng potso.

    Ke hobaneng ha batho bao re ithutang Bibele le bona ba hloka ho thusoa ho utloisisa litemana tsa Bibele?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa​—Ntlafatsa Tsela eo u Rutang ka Eona​—Ka ho Sebelisa Mehlala ho Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho.’ Nteboheleng o etsetsa Lipontšo papiso.

    Nteboheleng o ile a sebelisa papiso joang ho hlakisa lengolo la Baroma 5:12?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Thabela Mosebetsi oa ho Etsa Barutuoa​—Ntlafatsa Tsela eo u Rutang ka Eona​—Ka ho Sebelisa Mehlala ho Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho.’ Nteboheleng o bontša Lipontšo video.

    Lipapiso tse bonolo li finyella pelo

    Lipapiso tse bonolo li ka thusa batho bao re ithutang Bibele le bona joang?

  • Ha re ruta batho Bibele, ke hobane’ng ha re lokela ho sebelisa livideo le lintho tse ling tse rutang tse lokiselitsoeng ke mokhatlo oa Jehova?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela