Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb21 May leq. 13
  • Bontša Lerato ka Lapeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bontša Lerato ka Lapeng
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lelapa la Hao le ka Thaba
    Re ka Ithuta Eng Bibeleng?
  • Kamoo U ka Etsang Hore Bophelo ba Lelapa la Hao e be bo Thabileng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Bophelo ba Lelapa bo Thabisang Molimo
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Linotlolo Tse Peli Tse Lebisang Lenyalong le Tšoarellang
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2021
mwb21 May leq. 13
Lelapa le bina ’mino libokeng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Bontša Lerato ka Lapeng

Lerato ke sekhomaretsi se kopanyang lelapa. Ha ho se na lerato ka lapeng, litho tsa lelapa li ke ke tsa momahana le ho sebelisana hantle. Banna, basali le batsoali ba ka etsa’ng hore ho be le lerato ka lapeng?

Monna ea lerato o nahanela maikutlo a mosali oa hae, lintho tseo a li hlokang le litlhahiso tsa hae. (Ef 5:28, 29) O tla hlokomela lelapa la hae ka lintho tseo le li hlokang e le hore le phele, a be a le thuse ho rata Jehova ka hore a tšoare Borapeli ba Lelapa kamehla. (1 Ti 5:8) Mosali ea lerato o tla ikokobelletsa monna oa hae le ho bontša hore o na le “tlhompho e tebileng” ho eena. (Ef 5:​22, 33; 1 Pe. 3:​1-6) Banyalani ba lokela ho tšoarelana ho tsoa pelong. (Ef 4:​32) Batsoali ba lerato ba tsotella ngoana e mong le e mong oa bona ebile ba ba ruta ho rata Jehova. (De 6:​6, 7; Ef 6:4) Ke liphephetso life tseo bana ba kopanang le tsona sekolong? Ba etsa’ng ha ba hatelloa ke lithaka tsa bona? Ha ho na le lerato ka lapeng, e mong le e mong o tla ikutloa a sireletsehile.

SHEBELLANG VIDEO EA TSOELAPELE HO BONTŠA LERATO KA LAPENG EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Etsa Hore ho Rene Lerato ka Lapeng.’ Kamor’a hore banyalani ba khutle libokeng ba buisana ka temana ea Bibele.

    Monna ea lerato o bontša joang hore o rata mosali oa hae?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Etsa Hore ho Rene Lerato ka Lapeng.’ Ha morali oa bo rona a khutla libokeng o buisana hantle le monna oa hae eo eseng paki.

    Mosali ea lerato o bontša joang hore o hlompha monna oa hae ka ho tebileng?

  • Setšoantšo se hlahang videong ea ‘Etsa Hore ho Rene Lerato ka Lapeng.’ Lelapa le buisana ka lintlha tseo le li ratileng libokeng ha le ntse le ja.

    Batsoali ba lerato ba ruta bana ba bona Lentsoe la Molimo joang?

TLHOKOMELISO MABAPI LE THEKNOLOJI

Lisebelisoa tsa elektronike li ka qeta nako e ngata eo lelapa le ka beng le e sebelisa hamolemo bakeng sa hore le momahane. Batsoali ba ka leka ho ipehela nako eo bona le bana ba bona ba tla e qeta ba sebelisa lisebelisoa tsa elektronike. Hape, batsoali ba lokela ho etsa qeto ea hore na bana ba bona ba banyane ba ka bua le bo-mang Inthaneteng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela