E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI | EKETSA THABO EA HAO BOBOLELING
Finyella Pelo
Re lokela ho mamela Molimo ho tsoa pelong. (Lipr 3:1) Kahoo, ha re ruta batho Bibele, re lokela ho leka ka hohle hore lintho tseo re ba rutang tsona li ba ame lipelo. Re ka etsa joalo joang?
U se ke oa ruta motho Bibele feela empa u leke ho mo thusa ho bona hore na lintho tseo a ithutang tsona li ama bophelo ba hae le kamano ea hae le Jehova joang. Mo thuse hore a utloisise hore melao ea Bibele e bontša hore Molimo oa re rata, o lokile ebile o re batlela se molemo. Ka mosa, mo botse lipotso e le hore a khone ho nahanisisa ka lintho tseo a ithutang tsona le hore na o ikutloa joang ka tsona. Mo thuse hore a hlokomele hore haeba a sebelisa lithuto tseo, bophelo ba hae bo tla fetoha ’me a tlohelle lintho tse mpe tseo a neng a li etsa. Ha u bona motho eo u ithutang Bibele le eena a se a rata Jehova, u tla thaba haholo.
SHEBELLANG VIDEO EA THABELA MOSEBETSI OA HO ETSA BARUTUOA—NTLAFATSA TSELA EO U RUTANG KA EONA—KA HO FINYELLA PELO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ke hobane’ng ha Nteboheleng a ile a botsa Lipontšo hore na o ile a nahana ka lintho tseo ba buileng ka tsona ka Mantaha?
Nteboheleng o ile a thusa Lipontšo joang hore a utloisise hore melao e ka Bibeleng e bontša hore Jehova oa mo rata?
Haeba re ama lipelo tsa batho bao re ithutang Bibele le bona, ba tla ba le setsoalle se matla le Molimo
Nteboheleng o ile a thusa Lipontšo joang hore a bontše hore o rata Molimo?