E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI | EKETSA THABO EA HAO BOBOLELING
Thusa Motho eo U Ithutang Bibele le Eena Hore a ee Libokeng
Liboka ke karolo ea bohlokoa ea borapeli ba ’nete. (Pes 22:22) Batho bohle ba rapelang Jehova hammoho baa thaba ebile ba fumana litlhohonolofatso. (Pes 65:4) Hangata batho ba ithutang Bibele ba bontša tsoelo-pele ka potlako haeba ba tla libokeng kamehla.
Ke joang u ka thusang batho bao u ithutang Bibele le bona hore ba tle libokeng? Lula u ba mema hore ba tle libokeng. Ba bontše video ea Ho Etsahala’ng Holong ea ’Muso? Ba bolelle melemo ea ho ea libokeng. (lff khaolo ea 10) U ka arolelana le bona lintlha tseo u ithutileng tsona libokeng kapa oa ba bolella lintlha tse tla tšohloa libokeng tse latelang. E-fa batho bao u ithutang Bibele le bona lingoloa tse tla ithutoa libokeng. U ka boela oa ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Mohlomong ba hloka thuso hore ba fihle libokeng. Boiteko boo u bo etsang e tla ba ba bohlokoa ha motho eo u ithutang le eena a se a tla libokeng ka lekhetlo la pele.—1Ko 14:24, 25.
SHEBELLANG VIDEO EA THUSA MOTHO EO U ITHUTANG BIBELE LE EENA HORE A EE LIBOKENG EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Nteboheleng o sebelisitse monyetla ofe ho mema Lipontšo ho tla libokeng?
Ke hobane’ng ha re thaba ha motho eo re ithutang Bibele le eena a tla libokeng?
“Ka sebele Molimo o har’a lona”
Ho ile ha etsahala’ng ha Lipontšo a qala ho tla libokeng?